Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 26:37 - BIBELE

37 A tla hatana hodimo jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang, mme a tla hloka matla a ho lwantsha dira tsa wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Ba tla wa ka dihlooho, ba bang hodima ba bang, jwaloka hoja ba dihuwa ke lerumo, leha ho se motho ya ba lelekisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 26:37
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ruri le tla borabora hara batshwaruwa, kapa le wele hara babolauwa; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Leha le ne le ka bolaya lebotho lohle la Bakalatiya le le futuhetseng, mme ha sala mahlatsipa feela ka ditenteng, a ne a tla tswa ka ditenteng tsa wona, a tjhese motse ona ka mollo.”


Morena o kgothomeditse ba le bangata, mohlabani a wela hodima mohlabani. Ba re: ‘Tsohang, a re kgutleleng tjhabeng sa habo rona, re kgutleleng naheng ya tswalo ya rona, re baleheng sabole ya mokataki.’


Kahoo Morena o bua tjena: “Ke tla hloma dikgopi tseleng ya tjhaba sena, di tla kgopa bo-ntata le bara ka ho tshwana, metswalle le ba ahelaneng le yona ba tla timela.”


Ke tla le halefela, mme le tla bolaelwa moo dira tsa lona di le bonang. Ba le hloileng ba tla le busa, mme le tla baleha ho se ya le lelekisang.


Bapalami ba dipere ba a kgoroha, sabole di a tsekema, marumo a a phatsima! Ditopo ke mofela, di robellane feela, bongata ba tsona ha bo na palo, batho ba kgothometseha hodima tsona.


Se keng la nyoloha, hobane Morena ha a yo hara lona, mme dira tsa lona di tla le hlola.


Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele. A neelana ka bona matsohong a dinokwane, mme tsa ba senyetsa. A neelana ka bona matsohong a dira tsa bona tse ba potapotileng, hoo ba neng ba ke ke ba hlola ba ema kapele ho dira tseo tsa bona.


Ha Baiseraele ba letsa manaka a makgolo a mararo, Morena a etsa hore Bamidiane ba hlabane ka disabole, hara lebotho lohle la bona. Lebotho leo la baleha, la ya fihla Bete-Shita, nqa Serera, le ho ya fihla moeding wa Abele-Mehola, pela Tabate.


Bafilesita ba etsa theko ya ntwa, ba kgahlanyetsa Baiseraele. Ntwa ya lwela, Bafilesita ba hlola Baiseraele habohloko, mme bahlabani ba dikete tse nne ba Baiseraele ba bolaelwa hona moo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ