Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:8 - BIBELE

8 “ ‘O tla bala dilemo tse supileng tsa phomolo, e be dilemo tse supileng hasupa, e leng dilemo tsa mashome a mane a metso e robong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 O tla bala dilemo tse supileng tsa diSabatha, o bale hasupa dilemo tse supileng, mme matsatsi a Disabatha tseo tse supileng e tla ba dilemo tse mashome a mane a metso e robileng mono o le mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:8
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka letsatsi la bosupa Modimo a phetha mosebetsi wa hae, oo a o entseng, mme ka letsatsi la bosupa a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng.


Ho lehlohonolo setjhaba se tsebang ho etsa mehoo ya thabo, se tsamayang kganyeng ya sefahleho sa hao, Morena,


“Lemo tse mashome a supileng, a supileng hasupa, di baletswe tjhaba sa heno le motse o halalelang, hore ditshito tsohle di tle di fediswe, dibe le tsona le ke le di fedise, ho etswe poelano bakeng sa ho etsa bokgopo, ho loka ha kamehla ho tle ho be teng, ho phethahatswe dipono, le bona boporofeta, Ya Halalelang haholo le yena a tlotswe.


“ ‘Ho tloha ka letsatsi le hlahlamang la phomolo, e leng letsatsi leo ka lona le tlisitseng ngata e akgotswang, le tla bala dibeke tse supileng, mme e be dibeke tse phethehileng.


le diphoofolo tsa hao, le dibatana tsa naha ya heno, matshwabodi ao e tla ba dijo tsa tsona.”


Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, o tla letsa lenaka; ka letsatsi la tefelo ya sebe le tla letsa lenaka hara naha yohle ya lona.


Ha bana ba Iseraele ba etsa mokete wa dilemo tse mashome a mahlano, lefa la bona le tla kenngwa lefeng la morabe oo ba nyetsweng ho wona; kahoo lefa la bona le tla ntshwa lefeng la morabe wa bo-ntata rona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ