Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:48 - BIBELE

48 ha a se a ithekisitse o tla ba le tokelo ya ho lopollwa. E mong wa bana babo a ka mo lopolla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

48 thekollo ya hae e ka etswa; e mong wa banababo a ka mo rekolla,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:48
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mosadi e mong, eo monna wa hae e neng e le e mong wa sehlopha sa baporofeta, a fihla ho Elisha, a re: “Mohlanka wa hao, e leng monna wa ka, o shwele. O a tseba hore mohlanka eo wa hao o ne a hlompha Morena. Jwale motho eo monna wa ka a neng a nkile molato ho yena, o tlile ho tla nka bara ba ka ba babedi, ho ya ba etsa makgoba a hae.”


Le hoja rona, le bana babo rona re le madi a le mang, le bana ba rona e le ba bohlokwa jwaloka bana ba bona, feela re tlameha ho fetola bara ba rona makgoba, le baradi ba rona makgabunyane. Ba bang ba baradi ba rona e se e le makgabunyane, empa re hloka matla a ho ba lopolla, hobane masimo a rona le dirapa tsa rona tsa morara, e se e le tsa ba bang.”


Ka re ho bona: “Ho ya kamoo re bileng le hona kateng, re lopolotse bana babo rona, e leng Bajuda ba neng ba rekiseditswe baditjhaba. Jwale lona le rekisa bana babo lona, hore re tle re ba reke hape!” Ba kgutsa tu! ba sitwa ho bua!


“ ‘Ha ngwaneno a futsaneha, mme a rekisa karolo ya lefa la hae, wa habo, ya tswalanang le yena, o tla lopolla seo ngwanabo a se rekisitseng.


“ ‘Ha ngwaneno a futsaneha, mme a sitwa ho iphedisa, o mo thuse jwalokaha o ka thusa moditjhaba kapa mojaki, mme a phele le wena.


“ ‘Ha moditjhaba kapa mojaki ya ahelaneng le wena a rua, eba ngwaneno ya pela hae o a futsaneha, mme o ithekisa ho moditjhaba kapa mojaki eo ya ahelaneng le wena, kapa o ithekisa ho setloholo sa lelapa la moditjhaba eo;


Rangwanae, kapa mora wa rangwanae, kapa e mong ya tswalanang le yena, a ka mo lopolla; kapa haeba a ena le matla a ka itopolla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ