Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:28 - BIBELE

28 Haeba a sitwa ho mo lefa hore a tle a boellwe ke naha, naha eo e tla nne e be ya ya e rekileng, ho fihlela selemo se tlang sa mokete wa tokoloho. Ka selemo sa mokete wa tokoloho, naha eo e tla kgutlela ho monga yona wa pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Empa ha a sitwa ho phetha seo a ka se busetsang ho yena, seo a se rekisitseng se tla dula matsohong a ya se rekileng, ho isa selemong sa Jubile, e be hona eo a tswang, le yane a kgutlelang lefeng la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:28
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Matlo le masimo le dirapa tsa morara, tsena di tla boela di rekwa naheng ena.’ ”


Le tla halaletsa selemo sa mashome a mahlano, mme le phatlalatse hara naha yohle hore baahi bohle ba yona ba lokolohile. Selemo seo e tla ba sa lona sa mokete wa tokoloho. Motho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae, e mong le e mong a kgutlele ho ba habo.


“ ‘Selemong seo sa mokete wa tokoloho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae.


“ ‘Ha motho a rekisa ntlo e motseng o kahara lerako, o na le tokelo ya ho e reka hape pele selemo se fela. Tokelo ya hae ya ho e reka e tla nka selemo feela.


Empa ha selemo se ka fela e eso lopollwe, ntlo eo e motseng o kahara lerako, e tla ba ya ya e rekileng, le ya ditloholo tsa hae kamehla yohle; e ke ke ya kgutlela ho mong a yona ka mokete wa tokoloho.


Jwale o tla lokoloha mosebetsing wa hao, yena le bana ba hae, a kgutlele ho ba lelapa la hae, le leruong la bo-ntatae,


Ka selemo sa mokete wa tokoloho, tshimo eo e tla boela ho motho eo ya e rekisitseng, eo tshimo e neng e le lefa la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ