Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:20 - BIBELE

20 Ha le ka la ipotsa hore na ka selemo sa bosupa le tla ja eng, ha e le moo le sa tlo lema kapa le kotule,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Empa ha le ka re: Re tla jang ka selemo sa bosupa, ha re sa jale, mme re sa kotule letho?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:20
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale lehosana leo kgosi e neng e itshetlehile ka lona la araba moporofeta wa Modimo, la re: “Hona ho ke ke ha etsahala, esita leha Morena a ka nesa pula hona jwale!” Elisha a re: “Mamela mona! Hoo o tla ho bona ka mahlo a hao, empa dijo tseo wena o ke ke wa di ja!”


Yaba Amasiya o re ho moporofeta wa Modimo: “Jwale re tla etsa jwang ka silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, eo re seng re lefile lebotho la Iseraele ka yona?” Moporofeta wa Modimo a araba, a re: “Morena a ka o nea e ngata ho feta ena.”


Lona mahodimo mamelang! Wena lefatshe thea tsebe! Morena o buile, a re: “Ke otlile bana, ke ba hodisitse, empa jwale ba mphetohetse.


Naha e tla beha ditholwana tsa yona, le je, le kgore, mme le phele ka boiketlo ho yona.


Empa ka selemo sa bosupa tshimo e tla lala, e be le selemo se seholo sa phomolo, e leng phomolo ya Morena. O se ke wa lema tshimo ya hao, le morara wa tshimo ya hao ya merara o se ke wa o faola.


Empa matshwabodi a tla mela ka selemo sa phomolo e tla ba dijo tsa hao, le tsa mohlanka wa hao, le tsa lekgabunyane le hao, le tsa mohiruwa wa hao, le tsa moeti ya phelang tlung ya hao;


Nama ya ho fepa setjhaba see sohle ke tla e fumana kae? Se a ntelela, se re: ‘Re fe nama, re je!’


Letshwelehadi la baditjhaba le neng le tsamaya le Baiseraele la lakatsa nama haholo. Bana ba Iseraele le bona ba boela ba lla, ba re: “Ke mang ya tla re fa nama, hore re je?


A re ho bona: “Le boi keng, lona ba tumelo e fokolang?” A tsoha, a kgalemela meya le letsha, mme ha kgutsa tu!


Lona le se ke la batla seo le ka se jang, le seo le ka se nwang, mme le se ke la belaela,


Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ