Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:2 - BIBELE

2 “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha le fihla naheng eo ke le neang yona, masimo a lale, le wona a boloke phomolo ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le kene naheng eo ke le neang yona, lefatshe le tla lala, ebe Sabatha e hlomphang Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:2
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E ne e le hore ho phethahale dipolelo tsa Morena tse neng di bolelwe ke Jeremia, ha a ne a re: “Ho fihlela dilemo tse mashome a supileng di fela, naha e tla lala ka nako yohle eo e ntseng e hloka baahi ka yona.”


Mahodimo ke mahodimo a Morena, lefatshe lona o le neile bana ba batho.


“Ka dilemo tse tsheletseng o tla lema tshimo ya hao, mme o kotule tseo e di behileng.


Metsi a tla feta hara naha ya Juda, a phutsalle, a aparele hohle, a kokomohe, a fihle molaleng. Noka e tla thathalatsa mapheo a yona, a kwahele naha ya hao ka bophara ba yona, wena Emanuele!”


Ka matla a ka, le ka letsoho la ka le otlolohileng, ke nna ya entseng lefatshe, le motho, le diphoofolo tse teng lefatsheng, mme tsena tsohle ke di nea eo ke fumanang ho lokela ho mo nea tsona.


“Ha le fihla naheng ya Kanana, eo ke le neang yona hore e be ya lona, haeba nka otla ntlo, eo le tla aha ho yona, ka lepera,


E tla ba letsatsi le leholo la phomolo ya lona, mme le tla itima dijo. Ka phirimana ya letsatsi la borobong la kgwedi eo, le tla boloka Sabatha seo sa lona, ho fihlela ka phirimana e hlahlamang.”


Morena a bua ho Moshe, a le thabeng ya Sinai, a re:


Ka dilemo tse tsheletseng o tla lema tshimo ya hao, ka dilemo tse tsheletseng o faole morara o tshimong ya hao, o kotule tseo e di behileng.


“Nyolohela dithabeng tsena tsa Abarime, o hlwelle hodima thaba ya Nebo, e naheng ya Moabe, e malebana le Jeriko, o tadime naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele hore e be ya bona.


Ha Radiphahama a aba, a abela matjhaba dinaha, a arola bana ka merabe ya bona, a na a sehela ditjhaba meedi, ho ya ka palo ya bana ba Iseraele.


Morena a re ho yena: “Ena ke naha eo ke ileng ke e hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, ka re: ‘Ke tla e nea ditloholo tsa lona.’ Ke o dumeletse hore o e bone ka mahlo feela, empa o ke ke wa tshelela ho yona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ