Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:19 - BIBELE

19 Naha e tla beha ditholwana tsa yona, le je, le kgore, mme le phele ka boiketlo ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Naha e tla beha ditholwana tsa yona; le tla ja, le be le kgore, mme le tla aha ho yona ka boiketlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:19
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, ke hopola ho hahela Morena Modimo wa ka ntlo, jwalokaha Morena a ile a bua ho Davida, ntate, a re: ‘Mora wa hao, eo ke tla mmea teroneng ya hao ho o hlahlama, ke yena ya tla nkgahela ntlo.’


Ditjhaba di ke di o boke, wena Modimo, ditjhaba tsohle di o boke.


Botshepehi bo tla ropoha lefatsheng, ho loka ho tla theoha lehodimong.


Ya mmamelang o tla phela a sireletsehile, a phele ka boiketlo a sa tshabe bobe.”


Haeba le rata, le bile le mamela, le tla ja menono ya fatshe lena;


Dijalo tsa lona, tseo le di jalang masimong, Morena o tla di nesetsa pula, a le fe dijo tse ngata tse tswang mobung, tjhai e be kgolo. Mohlang oo, mehlape ya lona e fula makgulong a mangata.


Ke tla etsa hore difate tsa lona di behe haholo, masimong le tjhaye dijo tse ngata, e le hore le se hlole le jara sekgobo sa sekoboto hara baditjhaba.


Diotlo tsa lona di tla tlala mabele, merifi e kgaphatsehe veine le ole.


Lona le tla ja le be le di shebe feela, le nto boka Morena Modimo wa lona, yena ya le etseditseng tse kgolo. Tjhaba sa ka se ke ke sa hlola se tlontloloha!


“ ‘Le tla boloka melao ya ka, le phethe ditaelo tsa ka, le di phethisise, le tle le phele ka boiketlo naheng eo.


Ha le ka la ipotsa hore na ka selemo sa bosupa le tla ja eng, ha e le moo le sa tlo lema kapa le kotule,


ke tla le nesetsa pula ka nako ya yona, mme masimo a tla ba le tjhai, le difate tsa naha di behe ditholwana tsa tsona.


Nako ya lona ya ho pola e tla be e fihlelwe ke nako ya ho kotula morara; le nako ya ho kotula morara e be e fihlelwe ke ya ho lema. Le tla ja dijo tsa lona, le kgore, le phele naheng ya lona ka boiketlo.


“ ‘Ke tla le nea kgotso lefatsheng, mme le tla ithoballa, ho se letho le le tshwenyang. Dibatana tse harolang ke tla di fedisa lefatsheng, le ba lwanang ka sabole ba ke ke ba hlasela naha ya lona.


Empa etlare ha le se le tshetse Jorodane, le se le ahile naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le ya lona, a se a le phomoditse direng tsohle tsa lona tse le potapotileng, le tla dula le sireletsehile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ