Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:18 - BIBELE

18 “ ‘Le tla boloka melao ya ka, le phethe ditaelo tsa ka, le di phethisise, le tle le phele ka boiketlo naheng eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Le phethe melao ya ka, le boloke ditaelo tsa ka; le fele le di etse, mme le tla aha naheng ya lona ka boiketlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:18
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, ke hopola ho hahela Morena Modimo wa ka ntlo, jwalokaha Morena a ile a bua ho Davida, ntate, a re: ‘Mora wa hao, eo ke tla mmea teroneng ya hao ho o hlahlama, ke yena ya tla nkgahela ntlo.’


ho ba bolokang selekane sa hae, ba hopolang ho phethahatsa ditaelo tsa hae.


O thabisitse pelo ya ka ho feta mohla batho ba atetsweng ke koro le veine.


Ya mmamelang o tla phela a sireletsehile, a phele ka boiketlo a sa tshabe bobe.”


Mehleng ya kgosi eo, Juda e tla pholoswa, Iseraele le yona e iphelele ka kgotso. Lebitso le tla rewa kgosi eo ke lena: Morena ke yena ho loka ha rona.


Baporofeta ba ile ba re: ‘Jwale motho ka mong a kgelohe ditsela tsa hae tse kgopo, a furalle diketso tsa hae tse kgopo, a phele naheng eo Morena a e neileng lona le bo-ntata lona kamehla yohle.


Matsatsing ao setjhaba sa Juda se tla pholoswa, Jerusalema le yona e phele ka kgotso. Lena ke lona lebitso leo Jerusalema e tlang ho bitswa ka lona: Morena ke toka ya rona.


Ha ke se ke fetotse naha nanaola, e le lefeella, ka baka la manyala wohle ao ba a entseng, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


“ ‘Le boloke melao ya ka. “ ‘O se ke wa hwedisa diphoofolo tsa hao ka tsa mofuta osele. “ ‘O se ke wa jala mefuta e mmedi ya peo tshimong ya hao, mme o se ke wa apara seaparo se mefuta e mmedi ya masela.


“ ‘Le boloke melao ya ka yohle, le ditaelo tsa ka tsohle, mme le di phethe. Ke nna Morena.’ ”


Naha e tla beha ditholwana tsa yona, le je, le kgore, mme le phele ka boiketlo ho yona.


Empa etlare ha le se le tshetse Jorodane, le se le ahile naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le ya lona, a se a le phomoditse direng tsohle tsa lona tse le potapotileng, le tla dula le sireletsehile.


“Ho Benjamine a re: “ ‘Moratuwa wa Morena o tla dula ka kgotso pela hae, Radiphahama o mo sireletsa letsatsi lohle, o dula tlasa tshireletso ya hae.’


Jwale Iseraele o phela ka kgotso, sediba sa Jakobo se inotshi feela, naheng ya koro le ya veine e ntjha; e, mahodimo a nesa pula.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ