“Morekisi a ke ke a boela a lata seo a se rekisitseng, leha bobedi ba bona ba ntse ba phela, hobane setjhaba sohle se tla welwa ke kgalefo e ke keng ya hlola e sa kgutla. Ka baka la dibe tsa bona ha ho le ya mong wa bona ya tla pholoha.
Le tla halaletsa selemo sa mashome a mahlano, mme le phatlalatse hara naha yohle hore baahi bohle ba yona ba lokolohile. Selemo seo e tla ba sa lona sa mokete wa tokoloho. Motho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae, e mong le e mong a kgutlele ho ba habo.
Haeba a sitwa ho mo lefa hore a tle a boellwe ke naha, naha eo e tla nne e be ya ya e rekileng, ho fihlela selemo se tlang sa mokete wa tokoloho. Ka selemo sa mokete wa tokoloho, naha eo e tla kgutlela ho monga yona wa pele.
Ha bana ba Iseraele ba etsa mokete wa dilemo tse mashome a mahlano, lefa la bona le tla kenngwa lefeng la morabe oo ba nyetsweng ho wona; kahoo lefa la bona le tla ntshwa lefeng la morabe wa bo-ntata rona.”