Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 23:42 - BIBELE

42 “ ‘Le tla phela maphepheng ka matsatsi a supileng, mme matswallwa wohle a naha ya Iseraele a tla phela maphepheng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Ka matsatsi a supileng, le tla hlola metlotlwaneng; bohle ba tswaletsweng naheng ya Iseraele ba tla hlola metlotlwaneng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 23:42
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo yena a ya Sukote, a ikgahela ntlo teng, a hahela le mehlape ya hae masaka. Ka baka leo, a rea sebaka seo lebitso la Sukote.


Haesale re iphelela ditenteng, re hlompha, mme re phetha tsohle tseo ntata rona moholo Jonadabe a neng a re laele tsona.


Nna ke buile le baporofeta, ka ba hlahisetsa dipono, pono tse ngatangata, ka bua le bona ka ho etsa dipapiso.”


Empa Morena o re: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ho tloha ha o ne o le naheng ya Egepeta; ke tla etsa hore o boele o phele ditenteng, o phele teng sa mohla mekete e halalelang.


“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ke mokete wa maphephe, o ketekelwang Morena ka matsatsi a supileng.


Le tla keteka mokete ona ka matsatsi a supileng, ka selemo se seng le se seng, e le wa Morena. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona, mme le tla etsa mokete ona ka kgwedi ya bosupa.


Ha a phahamisa mahlo, a bona Baiseraele ba hlomile ho ya ka meloko ya bona. Moya wa Modimo wa mo fihlela,


“Ditente tsa hao, Jakobo, di kgahleha hakaakang! Diahelo tsa hao, Iseraele, di ntle hakaakang!


Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ