Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 23:40 - BIBELE

40 Ka letsatsi la pele le tla kga ditholwana tsa difate tse ntle, le makala a dipalema, le maswai a difate, le a moduwane wa noka, mme ka matsatsi a supileng le thabe kapele ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Ka letsatsi la pele, le tla inkela ditholwana tsa difate tse ntle, le makala a dipalema, le mahlaku a matenya a difate le a meduwane ya noka, mme le tla ithabela pela Jehova, Modimo wa lona, ka matsatsi a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 23:40
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Meduwaneng ya tsona re ne re fanyehile diharepa tsa rona.


Ba ntaletseng ke ba tadima ka tello, ke utlwa diboko tsa ba kgopo ba ntsohelang matla.


Balopollwa ba Morena ba tla kgutla ka yona, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla e be mefaphahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisipelo wona a ba tlohele.


Di tla mela hara jwang bo botalana, jwaloka fate tsa moduwane lebopong la noka.


“Lona bohle ba ratang Jerusalema, thabang le nyakalle mmoho le yona; lona bohle ba e llelang, thabang haholo mmoho le yona.


“ ‘Empa ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ha le se le bokeletse dijo masimong, le tla keteka mokete wa Morena ka matsatsi a supileng. Letsatsi la pele e tla ba la phomolo, le letsatsi la borobedi e tla ba la phomolo.


Le tla keteka mokete ona ka matsatsi a supileng, ka selemo se seng le se seng, e le wa Morena. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona, mme le tla etsa mokete ona ka kgwedi ya bosupa.


Letshwelehadi la batho la ala diaparo tsa lona tseleng, mme ba bang ba lona ba rema makala difateng, ba a ala ka tseleng.


la nka makala a dipalema, la tswa ho ya mo kgahlanyetsa, mme la howa, la re: “Hosanna! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena, Kgosi ya Iseraele!”


Efela le lona le swabile hajwale, empa ke tla boela ke le bona, mme pelo tsa lona di tla thaba; ha ho ya tla le amoha thabo ya lona.


Ho feta mona, re ithorisa ka Modimo, ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste, eo jwale re fumaneng poelano ka yena.


Le tla thaba kapele ho Morena Modimo wa lona; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona, hobane ha a na seabo kapa lefa jwaloka lona.”


Le di jelle moo, kapele ho Morena Modimo wa lona. Wena le ba ntlo ya hao le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang, tseo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng ka tsona.


Ba lebollo la nnete ke rona, ba rapelang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste. Ha re a tshepa tsa botho.


Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang!


yena eo le mo ratang le hoja le sa ka la mmona, mme le hona jwale le dumelang ho yena le hoja le eso mmone. Jwale le nyakaletse ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tlotlehang,


Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona letshwelehadi leo ho neng ho se motho ya ka le balang. E ne e le ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba eme kapele ho terone le kapele ho Konyana, ba apere diaparo tse tshweu, ba tshwere makala a dipalema matsohong a bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ