Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 23:38 - BIBELE

38 Tsena ke tse kathoko ho mekete ya Disabatha tsa Morena, le dimpho tsa lona, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, tseo le di abelang Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Hape, le boloke Disabatha tsa Jehova, mme le nne le hlahisetse Jehova dineo tsa lona, le mahlabelo wohle a ho phetha dikano tsa lona, le dinyehelo tsohle tsa lona tsa boithatelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 23:38
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kore, mora wa Jimena wa Molevi, e ne e le molebedi wa monyako o ka botjhabela. O ne a hlokomela dinyehelo tsa boithaopo tse nyehellwang Modimo, e le yena ya abang dinyehelo tsa Morena le dintho tse halalelang ka ho fetisisa.


Modimo, dikano tsa ka ho wena di ntlamile; ke tla o nyehella ka mahlabelo a teboho,


Etsang dikano, le di etsetse Morena Modimo wa lona, le be le di phethe; ditjhaba tsohle tse kamathoko di nyehelle Ya Tshajwang,


Ha kgosana e etsetsa Morena nyehelo ya boithaopo, e ka ba nyehelo ya setjheso kapa nyehelo ya teboho, kgosana e tla bulelwa kgoro e ka botjhabela, ebe e etsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya yona ya teboho jwalokaha e etsa ka letsatsi la Sabatha. Ha e qetile e tla tswa, ebe kgoro e a kwalwa.’ ”


“ ‘E mong le e mong wa lona a hlomphe ntatae le mmae, le boloke disabatha tsa ka. Ke nna Morena Modimo wa lona.


“ ‘Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke letsatsi le leholo la phomolo; ke la phutheho e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe; ke Sabatha sa Morena diahelong tsohle tsa lona.’ ”


“ ‘Ena ke mekete ya Morena, eo le tla e phatlalatsa hore ke ya phutheho e halalelang, ke ya ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le sehlabelo, le nyehelo ya dino, mme nyehelo ka nngwe e etswe ka letsatsi la yona.


“ ‘Empa ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ha le se le bokeletse dijo masimong, le tla keteka mokete wa Morena ka matsatsi a supileng. Letsatsi la pele e tla ba la phomolo, le letsatsi la borobedi e tla ba la phomolo.


“ ‘Dinyehelo tsena le tla nyehella Morena ka tsona mohla mekete ya lona e beilweng, e le tse eketsang dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, e leng dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le tsa dijo, le tsa seno, le tsa teboho.’ ”


Le tle le ise ho sona dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le nyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, le matsibolo a mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ