Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 23:32 - BIBELE

32 E tla ba letsatsi le leholo la phomolo ya lona, mme le tla itima dijo. Ka phirimana ya letsatsi la borobong la kgwedi eo, le tla boloka Sabatha seo sa lona, ho fihlela ka phirimana e hlahlamang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ho lona e tla ba Sabatha, letsatsi la phomolo; le tla hlomola meya ya lona; ho tloha mantsiboya a letsatsi la boroba mono o le mong ho isa mantsiboya a le hlahlamang, le tla boloka Sabatha ya lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 23:32
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha meriti ya mantsiboya e kwahela menyako Jerusalema, Sabatha se eso qalehe, ka laela hore menyako e kwalwe, mme e se ke ya ba ya bulwa ho fihlela Sabatha se feta. Ka re ba bang ba bahlanka ba ka ba lebele menyako, hore ho se be letho le ka kenngwang ka letsatsi la Sabatha.


Empa ha ba ne ba kula, nna ke ile ka apara tse mahwashe, ka itlhokofatsa ka ho itima dijo, ka ba rapella ke sa kgaotse,


Oho, Morena, ako rarolle leleme la ka, molomo wa ka o phatlalatse thoriso ya hao.


Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe.


“Ona ke molao wa mehla yohle ho lona: Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, le tla itima dijo, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, e ka ba motho wa letswallwa, kapa moditjhaba ya jakileng hara lona.


Ho lona ke letsatsi le leholo la phomolo, mme le tla itima dijo. Ona ke molao wa mehla yohle.


“Letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, ke letsatsi la tefelo ya sebe, mme le tla ba le phutheho e halalelang. Le tla itima dijo, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso.


Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, mme ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsohle tsa lona.


Ho lehlohonolo ba mahlomoleng, hobane ba tla tshediswa.


Hoja re ye re itlhahlobe pele, Modimo o ne a ke ke a re ahlola.


A re thahaselleng ho kena phomolong eo, esere ka mokgwa o tshwanang le wane, ba bang ba wa, ka ho latela mohlala wa ho se mamele.


Rona ba dumetseng re fela re kena phomolong, jwalokaha a itse: “Yaba ke hlapanya ke halefile, ke re: ‘Ba ke ke ba ba ba kena ba kena phomolong ya ka.’ ” A rialo le hoja mesebetsi ya hae e ne e phethahale ho tloha tlholehong ya lefatshe,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ