Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 23:19 - BIBELE

19 Hape o tla nyehela ka phooko e le nyehelo e tlosang sebe, le ka dikonyana tse pedi tse tona, tse nang le selemo, e le sehlabelo sa nyehelo ya teboho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Le tla hlahisa phooko, e be sehlabelo sa sebe, le dikonyana tse tona tse pedi tse lemo se le seng, e be sehlabelo sa teboho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 23:19
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Jwale a hlabe podi ya nyehelo e tlosang sebe, eo e leng ya setjhaba, a tlise madi a yona kamora lesira. Ka madi a yona a etse jwalokaha a ile a etsa ka madi a pohwana, a foke hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, le kapele ho sona.


O tla nyehela ka bohobe boo, le ka dikonyana tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha; le ka pohwana, le ka dipheleu tse pedi. Tsena e tla ba nyehelo ya setjheso ya Morena, hammoho le nyehelo ya bona ya dijo le nyehelo ya bona ya seno. Ke nyehelo ya setjheso se monko o monate ho Morena.


Moprista o tla di akgotsa hammoho le bohobe bo entsweng ka dilopotsiya, e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Tsena, mmoho le dikonyana tse pedi, di tla halalela ho Morena, mme e be tsa moprista.


haeba setjhaba se etsa phoso e se ka morero, setjhaba sohle se tla nyehela ka pohwana e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena. Setjhaba se tla nyehela le ka nyehelo ya dijo e tsamayang le nyehelo ya pohwana, le ka nyehelo ya seno e tsamayang le yona, ho ya ka taelo. Le nyehele le ka phooko e le nngwe e le nyehelo e tlosang sebe.


Ka phooko e le nngwe o iketsetse tefelo ya sebe.


Seo Molao o neng o sitwa ho se etsa, ka baka la ho fokola ha botho, Modimo o se entse. Ka ho roma Mora wa hae e le sehlabelo sa sebe, a inketse botho bo tshwanang le ba baetsadibe, Modimo o ahlotse sebe bothong.


Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ