Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 23:17 - BIBELE

17 Le tlise dinkgwa tse pedi, tse akgotswang, tse tswang malapeng a lona, tse entsweng ka phofo e thumisehileng e boima ba dikilo tse pedi, mme di phehwe di sa lomoswa, e be dilopotsiya tsa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Le tla tlisa mahobe a mabedi a tswang matlung a lona, a tlang ho tsokotswa, e le mahobe a entsweng ka karolo tse pedi tsa boshome tsa lefi la phofo, a phehilwe, a lomositswe; ke dilopotsiya tsa Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 23:17
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ka matlung a polokelo a Tempele ya Modimo wa rona, re tla tlisetsa baprista hlama ya dilopotsiya tsa koro, le dinyehelo tsa rona, le ditholwana tsa mefuta yohle ya difate, le tsa veine, le tsa ole. Re tla tlisetsa Balevi karolo e le nngwe ho tse leshome tsa tse tswang masimong a rona, hobane ke bona Balevi bao ba fumanang karolo e le nngwe ho tse leshome tsa tsohle tseo re di lemang.


“O se ke wa dieha ho nntshetsa karolo ya tseo di kotutseng, le tseo o di ritetseng ka morara. “O tle o nkgethele bana ba hao ba matsibolo.


“O tla etsa mokete wa kotulo, wa dilopotsiya tsa mosebetsi wa hao, wa tseo o di jetseng masimong. “O tla etsa le mokete wa kotulo yohle qetellong ya selemo, ha o fiella tsa tshebetso ya hao masimong.


“Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o tla di tlisa tlung ya Morena Modimo wa hao. “O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”


“O etse le mokete wa dibeke, wa dilopotsiya tsa ha ho helwa koro; le mokete wa tsohle tse bokeletsweng ha ngwaha o roba.


“Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o di ise tlung ya Morena, Modimo wa hao. “O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”


O ka tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya tsa tse kotutsweng, empa o se ke wa e tjhesetsa hodima aletare, e le setjheso se monko o monate.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha le fihla naheng eo ke le naeng yona, mme le kotula tseo e di behileng, le tla tlisetsa moprista ngata ya dilopotsiya tsa lona.


O tla nyehela ka bohobe boo, le ka dikonyana tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha; le ka pohwana, le ka dipheleu tse pedi. Tsena e tla ba nyehelo ya setjheso ya Morena, hammoho le nyehelo ya bona ya dijo le nyehelo ya bona ya seno. Ke nyehelo ya setjheso se monko o monate ho Morena.


O tla etsa nyehelo ya hae ka maqebekwane a sa lomoswang mmoho le phoofolo ya sehlabelo sa teboho.


“Ole e ntle ka ho fetisisa, le veine e monate ka ho fetisisa, le koro e ntle ka ho fetisisa e leng dilopotsiya tseo ba di abelang Morena, tsona ke o nea tsona.


Ditholwana tsa dilopotsiya tse butswitseng tsa naha ya bona, tseo ba di tlisetsang Morena, e tla ba tsa hao. Bohle ba lelapa la hao ba hlwekileng ba tla di ja.


“ ‘Ka letsatsi la dilopotsiya, ha le nyehella Morena ka nyehelo ya dijo tse ntjha, moketeng wa lona wa dibeke, ho tla ba le phutheho e halalelang, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.


A ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo di tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.”


Hase tsona feela, empa le rona, ba neilweng Moya e le mpho ya ho qala ya Modimo, re fehellwa ka dipelong, re ntse re lebeletse hore Modimo a re amohele re le bana ba hae, mme a lopolle le mmele ya rona.


Empa Kreste o fela a tsohile bafung, mme ke yena letsibolo la ba shweleng.


Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.


Bana ke bao esaleng ba hlwekile, ba sa kang ba itshilafatsa ka basadi; ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng. Bana ba lopolotswe hara batho, ho ba nyehelo ya pele ho Modimo le ho Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ