Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 23:13 - BIBELE

13 Nyehelo ya phofo yona e be boima ba dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e be nyehelo ya setjheso sa Morena se monko o monate. Hape ho be le nyehelo ya seno sa veine ya lethara e le nngwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 le tla se ekeletsa ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo e tjheswang ka mollo, e monko o monate ho Jehova: tshelo ya veine eo le tla e hlahisa e be ya karolo ya bone ya hine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 23:13
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le kasia eo boima ba yona e leng dikilo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong; le dilethara tse nne tsa ole ya sefate sa mohlwaare.


O se ke wa tjhesetsa mokubetso osele ho yona, leha e le sehlabelo sa setjheso, kapa nyehelo ya dijo; le nyehelo ya dino e se ke ya tshelwa hodima aletare eo.


Ka letsatsi o tla nwa metsi a ka lekanang mohotswana.


Bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe le pheleu e nngwe le e nngwe, eo ho nyehelwang ka yona, kgosana e tla etsa nyehelo ya koro e boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng, le dilethara tse tharo tsa ole ya mohlwaare.


Hoseng ho hong le ho hong o tla etsa nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikeramo tse pedi, le ya lethara ya ole e tla duba phofo e thumisehileng ya nyehelo. Nyehelo ena ya dijo e etsetswang Morena, ke taelo ya kamehla yohle.


Lona baprista, aparang tse mahwashe, le lle! Lona basebeletsi ba aletare, bokollang! Tloong, le lale le apere, le apere tse mahwashe, lona basebeletsi ba Modimo wa ka, hoba nyehelo ya dijo le ya dino e fedisitswe ka Tempeleng, ka Tempeleng ya Modimo wa lona.


Nyehelo ya dijo le ya dino e fedisitswe ka Tempeleng, ka Tempeleng ya Morena. Baprista ba aparetswe ke bofifi, bona baprista ba sebeletsang Morena.


Mohlomong Morena a ka nna a hauha, a boela a le hlohonolofatsa, a le fa dijo le dino tsa ho nyehella Morena, Morena Modimo wa lona.


“Ka letsatsi la borobedi o tla nka dikonyana tse pedi, tse tona, tse se nang sepha; le konyana ya sethojana e nang le selemo, e se nang sepha; le phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse tharo, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya phofo; le ole e ka etsang halofo ya lethara.


Ka letsatsi leo le akgotsang ngata ka lona, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso ka konyana e tona, e nang le selemo, e se nang sepha.


“Ena ke nyehelo ya Arone le bara ba hae, eo ba tla nyehella Morena ka yona mohla Arone a tlotswang. E tla ba phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e le nyehelo ya mehla yohle. Hoseng e be halofo ya yona, mantsiboya e be halofo ya yona.


Ena ke nyehelo ya setjheso ya Sabatha se seng le se seng, e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ