Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 22:23 - BIBELE

23 Haeba pohwana kapa nku e ena le maoto a fetanang, o ka etsa nyehelo ya boithaopo ka yona, empa bakeng sa nyehelo ya kano e ke ke ya amoheleha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 O ka etsa nyehelo ya boithatelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le setho se selelele, kapa se sekhutshwanyane; empa ntho e jwalo e ke ke ya dumellwa hore ho tle ho phethwe kano ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 22:23
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Banna bohle le basadi bohle ba bana ba Iseraele, ba pelo di tshweu, ba tlisa dintho tsa mosebetsi oo Morena a neng a laetse Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Morena dimpho tsa boithaopo.


Monna ofe kapa ofe ya nang le sepha, e ka ba monna wa sefofu, kapa wa sehlotsa, kapa ya holofetseng nko, kapa ya ditho di fetanang;


Tse foufetseng, kapa tse robehileng, kapa tse holofetseng, kapa tse nang le dibebe, kapa dihlahala, kapa lekgwekgwe, tsena le se ke la nyehella Morena ka tsona; le se ke la etsa nyehelo ya setjheso ka tsona hodima aletare ya Morena.


Le se ke la nyehella Morena ka phoofolo eo makwalata a yona a tetetsehileng, kapa a pshatlehileng, kapa a thuehileng, kapa a sehilweng. Le se ke la etsa jwalo naheng ya lona.


Na ke hantle ha le nyehela ka phoofolo e foufetseng, le nketsetsa sehlabelo ka phoofolo e hlotsang kapa e kulang? Lekang feela le nyehelle mmusi wa lona ka phoofolo e jwalo! Na hoo ho ka mo thabisa? Na le ka amoheleha ho yena?” ho rialo Morena wa mabotho.


Haeba matsibolo a ena le sepha sa ho hlotsa, kapa sa ho foufala, kapa a ena le sepha sefe kapa sefe, o se ke wa etsetsa Morena Modimo wa hao sehlabelo ka wona.


“Le se ke la etsetsa Morena Modimo wa lona, sehlabelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le sepha, kapa ka eng le eng e nang le sepha, hobane tse jwalo ke manyala ho Morena Modimo wa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ