“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le kgomo e tswang mohlapeng wa hae hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e tlise monyakong wa Tente ya Morena, e le hore a tle a amohelehe ho Morena.
Le se ke la nyehella Morena ka phoofolo eo makwalata a yona a tetetsehileng, kapa a pshatlehileng, kapa a thuehileng, kapa a sehilweng. Le se ke la etsa jwalo naheng ya lona.
“ ‘Le se ke la nyehella Morena ka tse tswang ho baditjhaba, hore e be dijo tsa hae, hobane di silafetse, di na le sepha, mme di ke ke tsa amoheleha.’ ”
“ ‘Ha motho a nyehela ka sehlabelo sa teboho, se tswang mohlapeng wa hae wa dikgomo, ebang ke e tona kapa e tshehadi, o tla nyehella Morena ka yona e se na sepha.
“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya sehlabelo sa teboho, se etsetswang Morena, e etswa mohlapeng wa dikgutshwane, ebang e tona kapa e tshehadi, o tla nyehela ka yona e se na sepha.
Na ke hantle ha le nyehela ka phoofolo e foufetseng, le nketsetsa sehlabelo ka phoofolo e hlotsang kapa e kulang? Lekang feela le nyehelle mmusi wa lona ka phoofolo e jwalo! Na hoo ho ka mo thabisa? Na le ka amoheleha ho yena?” ho rialo Morena wa mabotho.
“Ena ke taelo ya molao, eo Morena a e laetseng: Bua le bana ba Iseraele, o re ba o tlisetse sethole se sekgunwana, se se nang sepha, se esong ho panwe.
Le tla nyehella Morena ka nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha.
Haeba matsibolo a ena le sepha sa ho hlotsa, kapa sa ho foufala, kapa a ena le sepha sefe kapa sefe, o se ke wa etsetsa Morena Modimo wa hao sehlabelo ka wona.
“Le se ke la etsetsa Morena Modimo wa lona, sehlabelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le sepha, kapa ka eng le eng e nang le sepha, hobane tse jwalo ke manyala ho Morena Modimo wa lona.
na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?