Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 22:15 - BIBELE

15 “ ‘Baprista ba se ke ba silafatsa dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba di nyehellang Morena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Baprista ba se ke ba hlompholla dintho tse kgethehileng tsa bana ba Iseraele tseo ba di hlahisetsang Jehova ka tsokotso;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 22:15
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Arone le bara ba hae ba a tene ha ba kena ka Tenteng ya Morena, kapa ha ba atamela aletareng ho ya sebeletsa Sehalalelong. Ka mokgwa o jwalo ba ke ke ba jara molato, yaba ba a shwa. “Molao ona ke wa mehla yohle ho yena, le ho ditloholo tsa hae.”


Baprista ba bona ba tlotse melao ya ka, ba silafatsa dintho tsa ka tse halalelang. Le hoja ba tseba, ha ba kgetholle ntho e halalelang ho e sa halaleleng; ha ba rute batho ho kgetholla se hlwekileng ho se sa hlwekang. Ha ba tsotelle ho boloka Disabatha tsa ka, kahoo ba a ntlontlolla.


Mang kapa mang ya se jang, o tla jara bokgopo ba hae, hobane o tla be a silafaditse ntho e halalelang ya Morena. Motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


ba se ke ba itjarisa molato wa bokgopo ka ho ja dintho tse halalelang, hobane ke nna Morena ya ba halaletsang.’ ”


“ ‘Ba tla boloka taelo ya ka, hore ba se ke ba ipelesa sebe ka lebaka la yona, mme ba eshwa, hobane ba e silafaditse.


Ha le ka ke la jara sebe haeba le nyehetse ka karolo e ntle ka ho fetisisa. Le se ke la silafatsa dintho tse halalelang tsa bana ba Iseraele, esere la shwa.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ