Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 22:13 - BIBELE

13 Empa haeba moradi wa moprista e le mohlolohadi, kapa a hlalane le monna, a se na bana, mme a kgutletse tlung ya ntatae jwalokaha e sa le ngwana, yena a ka ja dijo tseo tsa ntatae. Empa moditjhaba yena a ke ke a di ja.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Empa ekare ha moradi wa moprista e le mohlolohadi, kapa ya hladilweng, a se na bana, mme a kgutlela tlung ya ntatae ho dula teng jwaloka botjheng ba hae, o tla ja dijo tsa ntatae; empa ha ho moditjhaba ya tlang ho di ja.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 22:13
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Kgutlela heno, mme o itulele o le mohlolohadi, ho fihlela mora wa ka Shela a hola.” O ne a tshaba hore Shela le yena o tla shwa jwaloka bana babo. Yaba Tamare o a tsamaya, o ya dula habo.


Mmusi wa naha a re ba se ke ba ja dijo tse halalelang ka ho fetisisa, ho fihlela moprista a ka ba botsetsa ho Morena ka ho sebedisa majwe a Urime le Thumime.


Morena a re ho Moshe le ho Arone: “Ditaelo tsa Paseka ke tsena: “Ho se be moditjhaba ya tla e ja.


Ba je dintho tseo tefelo ya dibe e entsweng ka tsona, ha ba ne ba bewa, ba halaletswa. Bao e seng baprista ba se ke ba di ja, hobane di a halalela.


Bakeng sa hore lona le hlokomele dintho tsa ka tse halalelang, le kgethile basele ho sebeletsa ka Sehalalelong sa ka.


“Sefuba sa nyehelo e akgotswang, le serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, le di jelle sebakeng se hlwekileng. Di jewe ke wena, le bara ba hao, le baradi ba hao, hobane ke seabo seo o se filweng, se filweng le bara ba hao, se tswang mahlabelong a nyehelo ya teboho ya bana ba Iseraele.


“ ‘Moditjhaba ofe kapa ofe a se ke a ja dintho tse halalelang; le moeti ya fihletseng ha moprista, kapa mohiruwa, a se ke a ja dintho tse halalelang.


“ ‘Ha moradi wa moprista a nyetswe ke moditjhaba, a ke ke a ja dijo tse halalelang tsa nyehelo.


Mosadi eo o tla tswa lapeng la monna eo, mme a ka nyalwa ke monna e mong.


Hona mohlang oo, ho ne ho ena le monna e mong wa bahlanka ba Saule, ya neng a tlamehile ho itlhahisa kapela Morena. Lebitso la hae e ne e le Doege wa Moedomo, e le mookamedi wa badisana ba Saule.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ