Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 20:17 - BIBELE

17 “ ‘Haeba monna a kena dikobong tsa kgaitsedi ya hae, e leng moradi wa ntatae, kapa moradi wa mmae, mme bobedi ba bona ba bonelana, hoo ke ketso e manyala. Bobedi ba bona ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona, moo setjhaba se ntseng se bona. Monna eo o tla ahlolelwa ho kena dikobong tsa kgaitsedi ya hae, mme o tla jara bokgopo ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ekare ha e mong a inkela kgaitsedi ya hae, moradi wa ntatae, kapa moradi wa mmae, ho mo etsa mosadi, mme monna a bona bofeela ba kgaitsedi ya hae, le mosadi a bona bofeela ba kgaitsedie, ke ketso e manyala; ba tla tloswa hara bana ba setjhaba sa habo; monna o apotse bofeela ba kgaitsedie, o tla jara sebe sa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 20:17
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le hona e hlile e ntse e le kgaitsedi ya ka; ke moradi wa ntate, feela hase moradi wa mme, mme e ile ya eba mosadi wa ka.


Empa Tamare a re ho yena: “Tjhe, kgaitsedi, o se ke wa nqobella, hobane naheng ya Iseraele ha ho etswe tjena. Se ke wa etsa ketso ena e manyala.


Motho ya ka etsang e jwaloka yona, kapa a e nea motho eo e seng moprista, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.’ ”


Ba bang ba feba le basadi ba banna ba ahelaneng le bona, ba bang ba silafatsa dingwetsi tsa bona ka ho feba le tsona, ba bang ba robala le dikgaitsedi tsa bona, tse tswang mathekeng a bo-ntata bona.


“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa kgaitsedi ya hao, e leng moradi wa ntatao, kapa moradi wa mmao, leha eba a hlahetse lelapeng leno, kapa a hlahetse lelapeng lesele.


“ ‘Haeba mosadi a ipeketlela phoofolo hore e mo robale, mosadi eo o tla bolawa, le phoofolo eo e tla bolawa. Ruri mosadi eo le phoofolo eo ba bolawe. Ba tla bolawa ka baka la molato wa bona.


Monna o tla hloka molato, empa mosadi yena o tla jara molato wa hae.’ ”


“ ‘Ho rohakehe ya robalang le kgaitsedi ya hae, kapa le moradi wa ntatae, kapa le moradi wa mmae!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ