Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 19:35 - BIBELE

35 “ ‘O se ke wa etsa bolotsana ha o metha bolelele ba dintho, kapa boima ba tsona, kapa ha o metha ntho e mokedikedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Le se ke la thetsa dikahlolong, leha e le ditekanyong tsa bolelele, leha e le ditekanyong tsa boima, leha e le ditekanyong tsa ho tshela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 19:35
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ne ba hlokomela le bohobe bo halalelang, ba hlokomela le phofo e thumisehileng ya nyehelo ya dijo, le dikuku tse sa lomoswang, le tsohle tsa dipane, le tse neng di hadikwa, le tsohle tse neng di sebediswa ha ho lekanngwa bongata kapa boholo ba ntho.


Morena o hloile sekala se qhekanyetsang, empa boima bo nepahetseng bona bo a mo thabisa.


Tekanyo tse nepahetseng ke tsa Morena, majwe a supang boima a entswe ke yena.


Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng, esita le boima bo sa lekaneng, bobedi ke manyala, ke manyala mahlong a Morena.


“ ‘Le be le sekala se nepahetseng, le seroto se nepahetseng, le moritshwana o nepahetseng.


“ ‘O se ke wa ahlola ka leeme. Ha o ahlola o se ke wa sekamela ka ho mofutsana, kapa wa tlotla ya phahameng; o ahlole mohaeno ka toka.


Mamelang seo Morena a se bolelang: “Emang le behe nyewe ya lona, le e behe kapele ho dithaba, maralla a ke a utlwe boipiletso ba lona.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona.


“Ka mokotleng wa hao o se ke wa ba le mefuta e fapaneng ya majwe a lekanyang boima, ke ho re le leholo le le lenyenyane.


O be le lejwe le bontshang boima, le nepahetseng, le sa hanyapetseng; o be le lefiswana le methang, le nepahetseng, le sa hanyapetseng, e le hore o tle o phele halelele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ