Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 19:22 - BIBELE

22 Kapele ho Morena, ka pheleu ena, moprista o tla mo etsetsa nyehelo ya tefelo e tlosang sebe, ka baka la sebe seo a se entseng, mme o tla tshwarelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Moprista o tla mo etsetsa pheko pela Jehova, ka pheleu e tlisitsweng ya sehlabelo sa molato, ka baka la sebe seo a se entseng; mme sebe seo a se entseng o tla tshwarelwa sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 19:22
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monna eo o tla tlisetsa Morena pheleu ya nyehelo bakeng sa molato wa hae, a e tlise monyakong wa Tente ya Morena.


“ ‘Ha le fihla naheng ya Kanana, mme le lema sefate sefe kapa sefe se jewang, le tla ila ditholwana tsa sona. Ka dilemo tse tharo le tla di ila, le se ke la di ja.


Pohwana ena o tla e etsa jwaloka pohwana e nyehelwang e le sehlabelo sa sebe; ka mokgwa o jwalo moprista a ba etsetse tefelo ya sebe, mme ba tla tshwarelwa.


Mafura wohle a yona o tla a tjhesetsa aletareng, jwalokaha a etsa ka mafura a phoofolo ya sehlabelo sa teboho. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla etsetsa kgosana tefelo ya sebe sa yona mme e tla tshwarelwa.’ ”


O tla tlosa mafura wohle a yona jwalokaha ho tloswa mafura a phoofolo ya sehlabelo sa teboho, mme moprista a a tjhesetse aletareng e le sehlabelo se monko o monate, se amohelehang ho Morena. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ka baka la sebe, mme motho eo o tla thwarelwa.


O tla tlosa mafura wohle a yona jwalokaha ho tloswa mafura a konyana ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho, mme a a tjhesetse aletareng, hodima dinyehelo tse etsetswang Morena. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme motho eo o tla tshwarelwa.’ ”


“ ‘Empa ha motho a sitwa ho fumana nku kapa podi, o tla tlisetsa Morena nyehelo ya hae ya sebe seo a se entseng, ya maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, le leng e le la nyehelo ya sebe, le leng e le la nyehelo ya setjheso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ