Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 19:15 - BIBELE

15 “ ‘O se ke wa ahlola ka leeme. Ha o ahlola o se ke wa sekamela ka ho mofutsana, kapa wa tlotla ya phahameng; o ahlole mohaeno ka toka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ha o ahlola, o se ke wa ahlola ka bokgopo; o se ke wa tadima tshobotsi ya ba eisehang, mme o se ke wa emela kahlolong ka ho ba hlompha ba leng baholo, o mpe o ahlole wa heno ka ho loka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 19:15
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebe le leka ho sekamela ka ho Modimo, kapa le iketsa babuelli ba hae nyeweng?


Ha nka ke ka tadima tshobotsi ya motho, ha nka ke ka kakamatsa mang le mang.


Ha a ye ka leeme ha a sebeletsa babusi, morui le mofutsana ke ditshwantshwang ho yena, kahoba bohle ke mmopo wa matsoho a hae.


O re: “Le tla ahlola ho fihlela neng, le ntse le ahlola hampe, le nne le emele ba kgopo?


Hara setjhaba sohle o kgethe banna ba bohlale, ba tshabang Modimo, banna ba nnete, ba hloileng tjotjo; o ba etse babusi ba busang batho ka dikete, ba busang batho ka makgolo, ba busang batho ka mashome a mahlano, ba busang batho ka mashome.


Ha ho molemo ho bontsha leeme ho ba kgopo, ebe o sitisa ya lokileng ho ahlolelwa ka toka.


Tsena ke polelo tse ding hape tsa ba bohlale: Ho ahlola ka leeme ha ho a loka.


Ba buelle, o ba ahlolele ka toka, o emele nyewe tsa bafumanehi le wona mafutsana.”


“ ‘O se ke wa etsa bolotsana ha o metha bolelele ba dintho, kapa boima ba tsona, kapa ha o metha ntho e mokedikedi.


Se ahloleng ho ya ka tshobotsi, empa ahlolang ka kahlolo e lokileng.”


Jwale Paulosi a re ho yena: “Moikaketsi towe! Modimo o tla o otla! O dutse mono hore o nkahlole ka Molao, empa o fapana le Molao, o laela hore ke otlwe.”


Le se ke la ahlola batho ka leeme; le mamele ya eisehang le ya hlomphehang ka ho tshwana. Le se ke la tshaba sefahleho sa motho, hobane kahlolo ke ya Modimo. Taba e tla le thatafalla, le e fetisetse ho nna, mme ke tla e mamela.’


Morena Modimo wa lona, ke Modimo e moholo, ke Modimo wa medimo, ya matla, ya tshabehang. Ha a na leeme, ha a amohele tjotjo.


Le se ke le sotha kahlolo; le se ke la ba leeme; le se ke la amohela tjotjo, hobane tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e sotha dipolelo tsa ba lokileng.


“ ‘Ho rohakehe ya sokamisang kahlolo ya mojaki, kapa ya kgutsana, kapa ya mohlolohadi!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ