Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 18:30 - BIBELE

30 Ka baka leo, bolokang ditaelo tsa ka; le se ke la etsa tsohle tse manyala, tse neng di etswa le eso fihle, mme le se ke la itshilafatsa ka tsona. Ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Le boloke melao ya ka, mme le se ke la etsa leha o le mong wa mekgwa e manyala e neng e etswa le eso ho kene, mme le se ke la itshela ditshila ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 18:30
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Naheng eo yohle ho ne ho ena le banna ba neng ba kgethetswe ho etsetsa bohlola ka dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Ba etsa manyala wohle a neng a etswa ke ditjhaba tseo Morena a ileng a di leleka kapele ho bana ba Iseraele.


A etsa manyala ka ho latela medingwana ya bohata, le ka ho etsa tsohle tse neng di etswa ke Baamore, bao Morena a neng a ba leleke kapele ho bana ba Iseraele.


Ha dintho tsena di se di phethilwe, baetapele ba tla ho nna, ba re: “Setjhaba sa Iseraele, le baprista, le Balevi ha ba ya ikgetholla ho baahi ba dinaha tsena; ba etsa manyala a etswang ke Bakanana, le Bahete, le Baperise, le Bajebuse, le Baamone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore.


“ ‘Mang kapa mang ya etsang e nngwe ya tse manyala tsena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Le se ke la latela melao ya ditjhaba tseo ke tla di leleka kapele ho lona, hobane di entse dintho tsena tsohle; kahoo ke ile ka di nyonya.


“ ‘Ba tla boloka taelo ya ka, hore ba se ke ba ipelesa sebe ka lebaka la yona, mme ba eshwa, hobane ba e silafaditse.


“Ka baka leo, ratang Morena Modimo wa lona, le boloke ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae kamehla.


Itlhokomeleng, le se ke la tshwaswa ke leraba, kamora hoba di fediswe kapele ho lona. Le se ke la botsa tsa medimo ya ditjhaba tseo, la re: ‘Ditjhaba tsee di sebeletsa medimo ya tsona jwang, le rona re tle re di etsise?’


Le se ke la etsa jwalo ho Morena Modimo wa lona. Manyala wohle ao Morena a a hloileng, ditjhaba tsena di a etseditse medimo ya tsona, tsa ba tsa e etsetsa sehlabelo sa setjheso ka bara le baradi ba tsona.


Ka nka setopo sa mosadi eo wa ka wa lefielo, ka se kgaola dikotwana, ka di romela naheng yohle eo Baiseraele ba e jeleng lefa, hobane Bagibea bao ba entse bohlola le manyala naheng ya Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ