Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 18:28 - BIBELE

28 Haeba le lona le silafatsa naha ena, e tla le hlatsa jwalokaha e ile ya hlatsa ditjhaba tse neng di ahile ho yona pele ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Iponeleng hore naha e se ke ya le hlatsa, ha le e silafatsa, jwalokaha e hlatsitse ditjhaba tse neng di le ho yona pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 18:28
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Seboko se utlwahala se etswa Sione: ‘Bonang kamoo re timeditsweng kateng! Dihlong tsa rona ke tse kaakang! Re tlameha ho furalla naha ya rona, matlo a rona a fetohile masupi.’ ”


“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Batho ba re ho wena: “O sejabatho, mme jele bana ba setjhaba sa hao;”


“Wena ngwana motho, ha setjhaba sa Iseraele se ne se sa phela naheng ya habo sona, se ile sa e silafatsa ka boitshwaro ba sona le ka diketso tsa sona. Ho nna boitshwaro ba sona bo ne bo ka sesila sa mosadi ya nang le lehatlelo.


“ ‘Naha e ile ya silafala; kahoo ke ile ka e otla ka baka la bokgopo ba yona, mme ya hlatsa baahi ba yona.


Manyala ana wohle a ile a etswa ke batho ba neng ba ahile mona pele ho lona, mme naha e ile ya silafala.


“ ‘Mang kapa mang ya etsang e nngwe ya tse manyala tsena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


“ ‘Le tla boloka melao yohle ya ka, le ditaelo tsohle tsa ka, mme le di phethe, hore naha eo ke le isang ho yona, hore le yo aha ho yona, e se ke ya le hlatsa.


Re a tseba hore, ho fihlela jwale, dihlodilweng tsohle di fehelwa hammoho, mme di utlwa bohloko bo kang ba pelehi.


Erekaha o le foofo, o sa bate, o sa tjhese, ke tla o hlatsa ka molomo wa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ