Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 18:26 - BIBELE

26 “ ‘Empa lona le tla boloka melao ya ka, le ditaelo tsa ka; le se ke la etsa letho la manyala ana, leha e ka ba letswallwa la naha, kapa moditjhaba ya jakileng hara lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Le boloke ke hona melao le ditaelo tsa ka, mme le se ke la etsa leha le le leng la manyala ao, leha e le ya tswaletsweng ha eno, leha e le moditjhaba ya jakileng hara lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 18:26
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Naheng eo yohle ho ne ho ena le banna ba neng ba kgethetswe ho etsetsa bohlola ka dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Ba etsa manyala wohle a neng a etswa ke ditjhaba tseo Morena a ileng a di leleka kapele ho bana ba Iseraele.


“ ‘Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya jang bobete ba mofuta ofe kapa ofe, ke tla mo halefela. Motho eo ya jang bobete ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo.


“O re ho bona hape: ‘Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya etsetsang Morena nyehelo ya setjheso,


“ ‘Naha e ile ya silafala; kahoo ke ile ka e otla ka baka la bokgopo ba yona, mme ya hlatsa baahi ba yona.


Manyala ana wohle a ile a etswa ke batho ba neng ba ahile mona pele ho lona, mme naha e ile ya silafala.


Ka baka leo, bolokang ditaelo tsa ka; le se ke la etsa tsohle tse manyala, tse neng di etswa le eso fihle, mme le se ke la itshilafatsa ka tsona. Ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”


Le boloke melao ya ka le ditaelo tsa ka. Ya di bolokang di tla mo phedisa. Ke nna Morena.


Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”


Athe e mobung o motle, ke ba utlwang lentswe, ba le kgomarele ka pelo ya sebele, e molemo, ba behe ditholwana ka mamello.”


“Haeba le a nthata, le tla boloka ditaelo tsa ka.


Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona.


“Tsohle tseo ke le laelang tsona le hlokomele ho di phetha. Le se ke la eketsa letho, kapa la fokotsa letho ho tsona.”


Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ