Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 18:25 - BIBELE

25 “ ‘Naha e ile ya silafala; kahoo ke ile ka e otla ka baka la bokgopo ba yona, mme ya hlatsa baahi ba yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ke ka tseo ba di entseng naha e silafetseng; jwale, ke tla e otla ka manyala a yona, mme e tla hlatsa baahi ba yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 18:25
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A etsa manyala ka ho latela medingwana ya bohata, le ka ho etsa tsohle tse neng di etswa ke Baamore, bao Morena a neng a ba leleke kapele ho bana ba Iseraele.


eo o neng o re laye ka yona, ka bahlanka ba hao, baporofeta, wa re: ‘Naha eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona, ke naha e sa hlwekang, ka baka la ho silafatswa ke baahi ba dinaha tseo ka manyala a bona, a e aparetseng ho tloha ntlheng e nngwe ho isa ho e nngwe.


Ba tsholla madi a se nang molato, madi a bara le baradi ba bona, ba ba etsa mahlabelo a medimo, medimo ya ditshwantsho ya Kanana: Naha ya silafala ke madi.


ha ba tlola ditaelo tsa ka, ba sa boloke melao ya ka;


Fatshe le silafaditswe ke baahi ba lona, ba tlotse melao, ba robile ditaelo; ba sentse selekane sa kamehla yohle.


Bonang, Morena o tswa ka leahong la hae, ho ahlolela baahi ba lefatshe dibe tsa bona. Fatshe le tla hlahisa madi a tsholletsweng hodima lona, ba bolaetsweng ho lona le ke ke la hlola le sa ba pata.


Morena o bua tjena ka setjhaba sa hae: “Se rata ho lelera haholo, se sitwa ho thibela maoto a sona. Kahoo Morena ha a se amohele, jwale o tla hopola bokgopo ba sona, a se otle ka baka la dibe tsa sona.”


Ke tla ba otlela bokgopo ba bona le dibe tsa bona habedi, hobane ba silafaditse naha ena ya ka, ba e tlatsa dikoqo tse omeletseng tsa medimo ya bona ya bohata, e nyonyehang.”


Ke le tlisitse naheng e manoni, hore le je tholwana tsa yona le menate ya yona; empa ha le fihla le ile la e silafatsa, lefa la ka la le fetola manyala.


Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le badisa ba alosang setjhaba sa hae: “Le qhadile mohlape wa ka, la o leleka, mme ha le a ka la o hlokomela. Bonang, ke tla le otla ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona,” ho rialo Morena.


Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka?


Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka?


Na ha ke a tshwanela ho ba otlela ketso tsee?” ho rialo Morena. “Na ha ke a tshwanela ho iphetetsa ka tjhaba se tjee?”


Ke tla mo otlela matsatsi a hae a pele, matsatsi a ho sebeletsa bo-Baale, ao ka wona a na ba tjhesetsa mokubetso, a ikgabisitse ka masale le mabenyane, a manakisana le medingwana ya hae, mme nna a se a bile a ntebetse,” ho rialo Morena.


Ba nketsetsa dinyehelo, nyehelo tsa mahlabelo, ba itjella nama eo ya mahlabelo, empa ho nna Morena, ha a amohelehe. Ke tla hopola bokgopo ba bona, ke ba otlele dibe tsa bona, ke ba kgutlisetse naheng ya Egepeta.


Ba tetebetse hara qhafutso ya bokgopo, ba tetebetse sa mehleng ya Gibea. Morena o tla hopola bokgopo ba bona, ebe o ba otlela dibe tsa bona.


“ ‘Empa lona le tla boloka melao ya ka, le ditaelo tsa ka; le se ke la etsa letho la manyala ana, leha e ka ba letswallwa la naha, kapa moditjhaba ya jakileng hara lona.


Haeba le lona le silafatsa naha ena, e tla le hlatsa jwalokaha e ile ya hlatsa ditjhaba tse neng di ahile ho yona pele ho lona.


Re a tseba hore, ho fihlela jwale, dihlodilweng tsohle di fehelwa hammoho, mme di utlwa bohloko bo kang ba pelehi.


Bohle ba etsang dintho tsena ke manyala ho Morena, mme ka baka la manyala ana Morena Modimo wa hao, o ba leleka kapele ho yena.


setopo seo sa hae se se ke sa qeta bosiu se ntse se leketlisitswe sefateng. Se hle se epelwe ka lona letsatsi leo, hobane ya leketlisitsweng sefateng o rohakilwe ke Modimo. O se ke wa silafatsa naha ya heno, eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be lefa la hao.”


Hase ka baka la ho loka ha lona, kapa ka baka la ho loka ha dipelo tsa lona naha ena a tlang ho ba ya lona, empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tsena Morena a di lelekang kapele ho lona, e le hore Morena a phethahatse tshepiso eo a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona Aborahama, le Isaka, le Jakobo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ