Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 18:18 - BIBELE

18 “ ‘O se ke wa nyala ngwanabo mosadi wa hao hore e be moqekwa; o se ke wa kena dikobong tsa hae, ha feela ngwanabo a ntse a phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 O se ke wa nyala ngwanabo mosadi wa hao ho baka lefufa, ka ho apola bofeela ba hae mabapa le mosadi wa hao, ha a sa ntse a phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 18:18
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a dumela, a qeta beke ya enwa, Labane a nto mo nea moradi wa hae Ragele, hore e be mosadi wa hae.


Empa Lea a re ho yena: “Na ke ntho e nyenyane ha o nkile monna wa ka, mme jwale o rata ho nka le ditholwana tsa moratiso tsa mora wa ka?” Ragele a araba, a re: “E, a ka nna a robala le wena bosiung bona, ha o ka mpha ditholwana tsa moratiso tsa mora wa hao.”


Lameke a nyala basadi ba babedi: lebitso la e mong e ne e le Ada, la e mong e le Silla.


Masira a mahlano a rokahanngwe hammoho; le a mang a mahlano hape a rokahanngwe hammoho.


“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa ngwana le tsa mmae. O se ke wa kena dikobong tsa moradi wa mora wa hae, kapa tsa moradi wa moradi wa hae; hona ke ketso e manyala hobane ba tswalana le mosadi eo.


“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa mosadi ya sesila ka baka la ho ya dinakong tsa hae.


Na hase Morena ya entseng hore monna le mosadi e be ntho e le nngwe? Ke ba hae ka nama le ka moya. Ke hobaneng ha a ba entse hore e be ntho e le nngwe? Ke hobane a ne a batla bana ba mo hlomphang. Kahoo o itlhokomele, o se sitelwe mosadi wa hao wa matswathaka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ