Levitike 17:15 - BIBELE15 “ ‘Mang kapa mang ya jang nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, e ka ba letswallwa kapa moditjhaba, a hlatswe diaparo tsa hae, a be a tole ka metsi. O tla sala a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana, jwale e tla ba o hlwekile. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)15 Mang le mang hara ba tswaletsweng ha habo lona, leha e le moditjhaba, ya tlang ho ja ntho e shweleng, leha e le e harotsweng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya; e ntoo ba ya hlwekileng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ntho e nngwe le e nngwe eo di welang hodima yona ha di shwele e tla ba e silafetse; e ka ba sejana se entsweng ka lehong, kapa diaparo, kapa letlalo, kapa mokotla. Ntho e nngwe le e nngwe e sebediswang e tla hlatsuwa ka metsi, empa e tla sala e silafetse ho fihlela ka phirimana, mme kamora moo e tla hlweka.