Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 16:34 - BIBELE

34 Ona e tla ba molao wa mehla yohle ho lona, hore hang ka selemo le etsetse bana ba Iseraele tefelo ya sebe, ka baka la dibe tsohle tsa bona.” Yaba Moshe o etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Molao oo e tla ba o sa feleng ho lona, hore pheko e etsetswe bana ba Iseraele, hang ka ngwaha, ka baka la dibe tsa bona. Ha etswa seo Moshe a se laetsweng ke Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 16:34
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka Tenteng ya Morena, feela ka kwano ho lesira le siretseng areka ya selekane, Arone le bara ba hae ba tla hotetsa lebone kapele ho Morena; lebone leo le tuke ho tloha ka shwalane ho fihlela hoseng. Hona e tla ba molao o tla bolokwa kamehla yohle ke meloko yohle ya bana ba Iseraele.”


Hang ka selemo, Arone o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe. Hodima manaka a aletare o tla tshela madi a tse hlabetsweng tefelo ya sebe. Tshebeletso ena ya tefelo ya sebe e tla etswa hang ka selemo, ho ya fihla melokong yohle e tlang, hobane ho Morena aletare ena e halalela ka ho fetisisa.”


Yaba Moshe o hlahloba mosebetsi kaofela, mme a bona hore ba o phethile jwalokaha Morena a ne a laetse. Moshe a ba hlohonolofatsa.


Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella moholwana wa hao Arone hore a se no kena ka Sehalalelong ka dinako tsohle, kamora lesira le siretseng sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka ya selekane e le hore a se ke a shwa, hobane ke tla iponahatsa hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, ke le lerung.


Ka lona letsatsi lena le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, hobane ke letsatsi la tefelo ya sebe sa lona ho Morena Modimo wa lona.


Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, mme ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsohle tsa lona.


Yaba Moshe o bua le bana ba Iseraele, mme ya rohakaneng ba mo ntshetsa kantle ho diahelo, ba mo tlepetsa ka majwe. Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Modimo a ne a laetse Moshe.


“ ‘E tla ba molao wa mehla yohle, melokong yohle ya lona, diahelong tsohle tsa lona, hore le se ke la ja mafura kapa bobete.’ ”


“ ‘Ka letsatsi la leshome la kgwedi ena ya bosupa, le tla ba le phutheho e halalelang, mme le itime dijo. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.


Ka ho inyehela hanngwe feela o ile a etsa hore bao a ba halaleditseng ba phethehe ka mehla yohle.


Empa mahlabelo ao a hopotsa batho dibe tsa bona ka selemo le selemo;


Moprista e Moholo o kena ka Sehalalelong ka selemo le selemo, a nkile madi ao e seng a hae, empa Kreste ha a a ka a inyehela ka makgetlo a mangata.


Empa karolong ya bobedi ya Tente ho kena Moprista e Moholo feela, le teng hanngwe ka selemo. O kena a nkile madi ao a nyehelang ka wona ho Modimo ka baka la dibe tsa hae le tsa batho, tseo ba di entseng ka ho hloka tsebo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ