Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 16:32 - BIBELE

32 Moprista ya tlotsitsweng, ya halaleditsweng hore e be moprista sebakeng sa ntatae, o tla etsa tefelo ya sebe. O tla apara diaparo tse halalelang, tse entsweng ka lesela la lene.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Pheko e tla etswa ke moprista ya tlotsitsweng, ya beilweng ho etsa boprista bakeng sa ntatae, mme o tla apara diaparo tsa lene, diaparo tse kgethehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 16:32
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tlame Arone le bara ba hae ka maqhama, o ba rwese dituku, mme e tla ba baprista ka molao wa mehla yohle. Ka mokgwa o jwalo o tla halaletsa Arone le bara ba hae.


O tla hlwekisa Sehalalelo, Tente ya Morena, le aletare ya tefelo ya sebe; a etsetse baprista, le batho bohle ba phutheho, tefelo ya sebe.


O tla apara seaparo se halalelang se fihlang maotong, se entsweng ka lesela la lene, a tene le borikgwe ba lesela la lene, a itlame ka leqhama la lesela la lene, a rwale, le tuku ya lene. Diaparo tsena di a halalela, mme eka kgona a tole ka metsi, a nto di apara.


Moprista ya tlotsitsweng o tla isa a mang a madi a pohwana ka Tenteng ya Morena.


“ ‘Haeba ya etsang sebe e le moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihela setjhaba sebeng, o tla tlisetsa Morena pohwana e se nang sepha, mme a etse sehlabelo ka baka la sebe sa hae.


Moprista ya tlotsitsweng o tla nka a mang a madi a pohwana, a a ise ka Tenteng ya Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ