Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 16:28 - BIBELE

28 Ya di tjhesang o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme kamora moo a kene ka diahelong.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ya di tjhesitseng o tla hlatswa diaparo tsa hae, a hlatswe le mmele wa hae metsing; a ntoo kgutlela diahelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 16:28
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Tsena di tla le silafatsa, mme mang kapa mang ya amang dififi tsa tsona o tla silafala ho fihlela ka phirimana.


Mang kapa mang ya nkang dififi tsa tsona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.


Mang kapa mang ya jang nama ya phoofolo e shweleng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimama. Ya tlosang sefifi sa yona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.


Mang kapa mang ya mang diphate tsa monna eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


“Motho ya ileng a isa podi ho Asasele o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme kamorao ho moo a kene ka diahelong.


Ya ileng a bokella molora ona wa sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. Ona e tla ba molao wa mehla yohle ho bana ba Iseraele, le ho mojaki ya jakileng hara bona.”


Jwale moprista a hlatswe diaparo tsa hae, mme a tole ka metsi; kamora moo a kgutlele diahelong. Moprista o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


Ya tjhesitseng sethole sena a hlatswe diaparo tsa hae ka metsi, a be a tole ka metsi. O tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


Ha o ba hlwekisa, o ba etse tjena: O ba foke ka metsi a tlhwekiso, ba ipeole mmele wohle ka lehare, ba hlatswe diaparo tsa bona, ba itlhwekise.


Jesu a re ho yena: “Ya totseng o hlwekile kahohle, mme ha a sa hloka ho hlatsuwa haese maoto feela. Lona le hlwekile, empa e seng bohle.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ