Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 16:24 - BIBELE

24 O tla tola ka metsi a le ka Sehalalelong, a apare diaparo tsa hae, a ntano tswa, a etse nyehelo ya hae ya setjheso, le nyehelo ya setjhaba ya setjheso; a be a iketsetse tefelo ya sebe, a e etsetse le setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 o tla hlatswa mmele wa hae metsing, nqalong e halalelang, mme o tla boela a apare diaparo tsa hae. Hamorao, o tla tswa, a hlabe setjheso sa hae le setjheso sa setjhaba, a iketsetse pheko, a etsetse le setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 16:24
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Arone bona o tla ba etsetsa diaparo tse fihlang maotong le maqhama; o be o ba etsetse le dituku tsa hlompho le bokgabane.


Tsena o di apese moholwane wa hao Arone le bara ba hae; o ba bee ka ho ba tlotsa ka ole, o ba halaletse, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.


Hang hoba baprista ba kene ka sebakeng se halalelang, ba ke ke ba tswela lebaleng le kantle, ho fihlela ba hlobola diaparo tseo ba sebeletsang ba di apere, hobane di a halalela. Ba tla apara diaparo tse ding ba eso ka ba atamela dibaka tseo setjhaba se leng ho tsona.”


Ka letsatsi la bosupa o tla beola moriri wa hae kaofela, le ditedu tsa hae, le dintshi tsa hae, le moriri wohle wa hae. O tla hlatswa le diaparo tsa hae, a tolle ka metsing; jwale e tla ba o hlwekile.”


Mafura a nyehelo e tlosang sebe a a tjhesetse hodima aletare.


motho ya amang ya jwalo o tla ba le sesila ho fihlela ka phirimana. Motho eo a ke ke a ja dintho tse halalelang, haese ha a se a totse ka metsi.


Moshe a re ho Arone: “Atamela aletareng, o etse nyehelo ya hao e tlosang sebe, le nyehelo ya hao ya setjheso; o iketsetse tefelo ya sebe, o be o etsetse le setjhaba. O tlise nyehelo ya setjhaba, mme o se etsetse tefelo ya sebe, jwalokaha Morena a laetse.”


Ke tse amanang le dijo, le dino, le ho itlhatswa ha mefutafuta, e leng meetlo ya botho feela, e neng e tla sebetsa ho fihlela Modimo a lokisa dintho botjha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ