Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 16:18 - BIBELE

18 “Jwale o tla tswa, a ye aletareng e kapele ho Morena, mme a e hlwekise. A nke madi a mang a pohwana, le madi a mang a podi, mme ka wona a tlotse manaka a aletare ho e potapota.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Etlare ha a etswa, o tla ya aletareng e pela Jehova, mme o tla e etsetsa pheko ka ho nka madi a pohwana le madi a phooko, ao a tlang ho a bea manakeng a aletare ka nqa tsohle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 16:18
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hang ka selemo, Arone o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe. Hodima manaka a aletare o tla tshela madi a tse hlabetsweng tefelo ya sebe. Tshebeletso ena ya tefelo ya sebe e tla etswa hang ka selemo, ho ya fihla melokong yohle e tlang, hobane ho Morena aletare ena e halalela ka ho fetisisa.”


O tla nka madi a yona, o tlotse manaka a mane a aletare, le dihuku tse nne tsa mohaolwana o kahodimo ho aletare, le ho potoloha dintshi tsa yona. O tla e hlwekisa ka mokgwa o jwalo, o etsetse tefelo ya sebe hodima yona.


“Ka letsatsi la bobedi o tla nyehela ka phooko e se nang sepha, e le nyehelo ya sebe, mme ba tla hlwekisa aletare jwalokaha ba e hlwekisitse ka pohwana.


Moprista o tla nka madi a phoofolo ya nyehelo e tlosang sebe, mme ka wona a tlotse dikosene tsa menyako ya Tempele, le manakana a mane a mohaolwana wa aletare, le dikosene tsa kgoro ya lebala le kahare.


O tla hlwekisa Sehalalelo ka baka la ho se hlweke ha bana ba Iseraele, le ka baka la ditlolo tsa bona le dibe tsa bona tsohle. Le Tente ya Morena, e hlomilweng hara bona ba sa hlweka, a e hlwekise.


Ho se be motho ka Tenteng ya Morena, ho tloha ha moprista a kena ka ho yona ho ya etsa tefelo ya sebe, ho fihlela a etswa. O tla iketsetsa tefelo ya sebe, a e etsetse le ba lelapa la hae, le setjhaba sohle sa Iseraele.


Ka madi a mang o tla tlotsa manaka a dihukung tsa aletare ya mokubetso, e kapele ho Morena, e ka Tenteng ya Morena. Madi a setseng o tla a qhalla motheong wa aletare ya setjheso, e monyakong wa Tente ya Morena.


Moprista o tla ina monwana wa hae mading a phoofolo ena, a tlotse manaka a dihukung tsa aletare ya setjheso, mme madi a setseng a a qhalle motheong wa aletare.


Ka madi a setseng o tla tlotsa manaka a dihukung tsa aletare ya mokubetso, e kapele ho Morena, e ka Tenteng ya Morena. Madi a pohwana a setseng o tla a qhalla motheong wa aletare ya setjheso, e monyakong wa Tente ya Morena.


O nyehele ka phooko e le nngwe ho iketsetsa tefelo ya sebe.


mme ke ikgalaletsa ka baka la bona, hore le bona ba halaletswe nneteng.


Mohalaletsi le ba halaletswang ke bana ba motho. Ka baka leo, Jesu ha a dihlong ho ba bitsa bana babo,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ