Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 16:17 - BIBELE

17 Ho se be motho ka Tenteng ya Morena, ho tloha ha moprista a kena ka ho yona ho ya etsa tefelo ya sebe, ho fihlela a etswa. O tla iketsetsa tefelo ya sebe, a e etsetse le ba lelapa la hae, le setjhaba sohle sa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ho se ke ha eba motho tenteng ya pokano, ha a tla kena ho etsa pheko sehalalelong, a be a tswe; o tla iketsetsa jwalo pheko, a etsetse le ba ntlo ya hae, le phutheho yohle ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 16:17
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Samuele mora wa Elekana, Elekana mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Eleele, Eleele mora wa Towa,


Ho se be motho ya tla nyoloha le wena; ho se be motho ya ka bonwang kae kapa kae thabeng eo. Mehlape ya dinku le ya dikgomo e se ke ya fula thabeng eo.”


Rona bohle re tshwana le dinku tsa malahleha, motho ka mong o iketse ka tselana ya hae, Morena o mmelesitse makgopo a rona bohle.


“Lemo tse mashome a supileng, a supileng hasupa, di baletswe tjhaba sa heno le motse o halalelang, hore ditshito tsohle di tle di fediswe, dibe le tsona le ke le di fedise, ho etswe poelano bakeng sa ho etsa bokgopo, ho loka ha kamehla ho tle ho be teng, ho phethahatswe dipono, le bona boporofeta, Ya Halalelang haholo le yena a tlotswe.


O tla hlwekisa Sehalalelo ka baka la ho se hlweke ha bana ba Iseraele, le ka baka la ditlolo tsa bona le dibe tsa bona tsohle. Le Tente ya Morena, e hlomilweng hara bona ba sa hlweka, a e hlwekise.


“Jwale o tla tswa, a ye aletareng e kapele ho Morena, mme a e hlwekise. A nke madi a mang a pohwana, le madi a mang a podi, mme ka wona a tlotse manaka a aletare ho e potapota.


mme bongata bohle ba batho bo ne bo rapela kantle ka nako ya ha ho kubetswa.


“Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.”


Modimo o mong, le mmoelanyi pakeng tsa Modimo le batho o mong, e leng Kreste Jesu eo e leng motho,


Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.


Empa karolong ya bobedi ya Tente ho kena Moprista e Moholo feela, le teng hanngwe ka selemo. O kena a nkile madi ao a nyehelang ka wona ho Modimo ka baka la dibe tsa hae le tsa batho, tseo ba di entseng ka ho hloka tsebo.


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ