Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 16:15 - BIBELE

15 “Jwale a hlabe podi ya nyehelo e tlosang sebe, eo e leng ya setjhaba, a tlise madi a yona kamora lesira. Ka madi a yona a etse jwalokaha a ile a etsa ka madi a pohwana, a foke hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, le kapele ho sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 O tla hlabela setjhaba phooko ya sehlabelo sa sebe; o tla isa madi a yona kamora lesira, mme o tla etsa ka madi ao jwalokaha a entse ka madi a pohwana, o tla foka ka wona hodima sekwahelo, le pela sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 16:15
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella moholwana wa hao Arone hore a se no kena ka Sehalalelong ka dinako tsohle, kamora lesira le siretseng sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka ya selekane e le hore a se ke a shwa, hobane ke tla iponahatsa hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, ke le lerung.


O tla ntshetsa pohwana kantle ho diahelo, a e tjhese, jwalokaha a ile a tjhesa pohwana ya pele. Ke nyehelo e tlosang sebe, e etsetswang setjhaba.’ ”


Moprista ya tlotsitsweng o tla nka a mang a madi a pohwana, a a ise ka Tenteng ya Morena.


Moshe a etsa jwalo. A etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


Ho tla nyehellwa Morena ka phooko ya nyehelo e tlosang sebe, mme ho nyehelwa ka tsona e le tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.’ ”


Kahoo o ne a tshwanetse ho etswa ya tshwanang le bana babo kahohle, hore e be Moprista e Moholo, ya lereko, ya tshepahalang ho Modimo dinthong tsohle, e le hore a lefelle dibe tsa setjhaba.


Kaha le yena a fokola, o tshwanetse ho nyehela ka mahlabelo ka baka la dibe, e seng tsa setjhaba feela, empa le ka baka la tsona tsa hae.


Tshepo eo re na le yona jwaloka sengaparela sa moya, se tiileng e le kannete. Tshepo eo e kenella kahare ho lesira,


O ne a se jwaloka Baprista ba bang ba Baholo, ba neng ba hloka ho nyehela ka mahlabelo ka matsatsi wohle, pele e le ka baka la dibe tsa bona, e ntano ba tsa setjhaba. Jesu o ile a nyehela ka sehlabelo se le seng, hanngwe feela, ha a inyehela ka boyena.


O kene hanngwe feela Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, a sa nka madi a diphooko kapa a manamane, empa a nkile madi a hae ka sebele, mme a re fumanela topollo e sa feleng.


Haesita madi a diphooko le a dipoho, le molora wa sethojana o fokwang, tsena di halaletsa batho ba silafetseng ka ho ba hlwekisa mmeleng,


Kamora lesira la bobedi ho ne ho ena le karolo ya bobedi ya Tente, e neng e bitswa Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.


Empa karolong ya bobedi ya Tente ho kena Moprista e Moholo feela, le teng hanngwe ka selemo. O kena a nkile madi ao a nyehelang ka wona ho Modimo ka baka la dibe tsa hae le tsa batho, tseo ba di entseng ka ho hloka tsebo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ