Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 16:14 - BIBELE

14 O tla nka madi a pohwana, a foke hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe ka monwana wa hae, ka nqeng ya botjhabela; hape a foke hasupa kapele ho sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A nke madi a mang a pohwana ka monwana wa hae, a foke hodima sekwahelo ka wona, ka nqa botjhabela; o tla foka ka madi hasupa ka monwana wa hae pela sekwahelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 16:14
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka madi a mang o tla foka hodima aletare hasupa, a e hlwekise, a e halaletse, hore a tlose ho se hlweke ha bana ba Iseraele ho ho yona.”


O tla ina monwana wa hae ka mading, a foke kapele ho Morena, le kapele ho lesira, ka makgetlo a supileng.


A foka hodima aletare ka ole, ka makgetlo a supileng; a foka le sekotlolo le sedulwana sa sona, hore di halalele.


Moprista Eleasare o tla qopetsa monwana wa hae mading, a foke ka wona ka makgetlo a supileng kapele ho monyako wa Tente ya Morena.


Bana beso, re na le tshepo e tiileng ya ho kena ka Sehalalelong ka madi a Jesu.


etswe madi a dipoho le a diphooko ha a ka ke a tlosa dibe.


Le tlile ho Jesu, mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha, eo madi a hae a hlwekisang, a buang ka matla ho feta madi a Abele.


Haesita madi a diphooko le a dipoho, le molora wa sethojana o fokwang, tsena di halaletsa batho ba silafetseng ka ho ba hlwekisa mmeleng,


Yaba o foka le Tente ka madi, le dintho tsohle tse sebediswang tshebeletsong.


Moprista e Moholo o kena ka Sehalalelong ka selemo le selemo, a nkile madi ao e seng a hae, empa Kreste ha a a ka a inyehela ka makgetlo a mangata.


Empa karolong ya bobedi ya Tente ho kena Moprista e Moholo feela, le teng hanngwe ka selemo. O kena a nkile madi ao a nyehelang ka wona ho Modimo ka baka la dibe tsa hae le tsa batho, tseo ba di entseng ka ho hloka tsebo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ