Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 15:27 - BIBELE

27 Mang kapa mang ya di amang o tla ba sesila. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 E mong le e mong ya di amang, o tla itshela sesila, mme o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 15:27
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla le fafatsa ka metsi a hlwekileng, mme le tla hlweka; ke le hlwekise ditshileng tsohle tsa lona, le medingwana yohle ya lona ya bohata ke e tlose.


Ke tla le lopolla ho tsohle tse le silafatsang, ke le tlisetse tjhai ya koro, le se ke la hlola le bolawa ke sekoboto.


“ ‘Tsena di tla le silafatsa, mme mang kapa mang ya amang dififi tsa tsona o tla silafala ho fihlela ka phirimana.


“ ‘Ha monna enwa eo botona ba hae bo neng bo qhitsa lero a fola, o tla qeta matsatsi a supileng pele a ka hlwekiswa. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi a sa tswa kguwa sedibeng, mme e tla ba o hlwekile.


Mang kapa mang ya amang diphate tsa hae o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


Diphate dife kapa dife tseo a robalang ho tsona nakong ena ya lehatlelo di tla ba sesila, jwalokaha di ne di tla ba sesila nakong ya lehatlelo la hae. Setulo sefe kapa sefe seo a dulang ho sona se tla ba sesila jwaloka mohla nako ya lehatlelo la hae.


“ ‘Ha lehatlelo lena le kgaoditse, o tla qeta matsatsi a supileng, mme kamorao ho moo o tla be a hlwekile.


“Mohla tsatsi leo, sediba se tla ba teng, seo ba ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ba tla hlwekiswa sebe le ditshila tsa bona ho sona.


Tsohle tseo motho enwa ya sesila a di amang, di tla ba sesila; le ya di amang o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.”


Kahoo a re atameleng ka dipelo tse tshepahalang, le ka tumelo e tletseng, re hlwekisitswe dipelo ho kgutsisa matswalo a rona, re hlatswitswe mmele ka metsi a hlwekileng.


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ