Levitike 14:45 - BIBELE45 Ntlo eo e tla heletswa, majwe a yona, le dithupa tsa yona, le seretse sohle sa yona, di lahlelwe sebakeng se ditshila, kantle ho motse. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)45 Ntlo eo e tla heletswa, le majwe a yona, le difate tsa yona, le mabota a yona; ntho tseo kaofela di tla thothelwa kantle ho motse, nqalong e sesila. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
A fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla difika tseo ba di kgumamelang, a rathaka le ditshwantsho tsa Ashera. A pshatla le noha ya lethose e neng e etswe ke Moshe, a e etsa mokungwane, hobane ho fihlela mohlang oo, setjhaba sa Iseraele se ne se tjhesetsa noha eo mokubetso. Noha eo e ne e reilwe lebitso la Nehushetane.