Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 14:41 - BIBELE

41 Bokahare bohle ba ntlo bo tla thebolwa, mme mobu o thebotsweng o qhallwe sebakeng se ditshila, se kantle ho motse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Ho ntoo hopuwa ntlo kahare kahohle, mme ho tlositsweng leboteng le hopilweng ho tla tshollelwa kantle ho motse, nqalong e sesila.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 14:41
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tjhaba se itulelang hara mabitla, se qetang masiu se entse tebelo ya sephiri; se itjellang le nama ya dikolobe, seo pitsa tsa sona di nang le moro wa tse manyala.


Di tla heletsa marako a Tire, di dihe le ditora tsa yona. Ke tla hohola mobu wa yona, ke siye letlapa le le feela.


o tla laela hore majwe ao a nang le lefu leo a qhebollwe, a lahlelwe sebakeng se ditshila, se kantle ho motse.


Jwale ho tla tliswa majwe a matjha, a hahellwe sebakeng sa majwe a kgale, mme ho dujwe seretse se setjha, ho dilwe mabota a ntlo.


Ntlo eo e tla heletswa, majwe a yona, le dithupa tsa yona, le seretse sohle sa yona, di lahlelwe sebakeng se ditshila, kantle ho motse.


mme o tla mo kgabelaka, a mmee hara baikaketsi, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.”


Hoba Jesu a tshelele mose wane, fatsheng la Bagadara, a kgahlanyetswa ke banna ba babedi ba nang le bademona, ba etswa mabitleng, ba le bohale bo tshabehang; hoo ho neng ho se ya sebete ho feta ka tsela eo.


Hara bona ho na le Hemenaiose le Alekesandere, bao ke ba neetseng Satane, ba tle ba ithute ho se nyefole.


Kantle ho tla sala dintja, le baloi le dihlola, le babolai, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, ba etsang tseo e seng tsa nnete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ