Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 14:32 - BIBELE

32 Ona ke molao o etseditsweng motho ya tswileng lepera, ya sitwang ho fumana tse hlokwang hore a hlwekiswe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ke oo molao wa ho itlhatswa oo ya jewang ke lepera a tshwanetseng ho ya ka wona, ha a haellwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 14:32
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke yena ya ileng a re hopola ha re ne re kokobeditswe; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


“Ha motho a ka tswa lekukuma, kapa lekgopho, kapa setlapedi, mme ho bonahala eka hona ho tla iketsa lepera mmeleng wa hae, o tla tliswa ho moprista Arone, kapa ho e mong wa bara ba hae, bao e leng baprista.


Ona ke molao wa lefu la lepera le seaparong se lohilweng ka boya, kapa sa lesela la lene, kapa phahlong efe le efe e entseng ka letlalo, ho bona hore na e hlwekile kapa e sesila.


“Ka letsatsi la borobedi o tla nka dikonyana tse pedi, tse tona, tse se nang sepha; le konyana ya sethojana e nang le selemo, e se nang sepha; le phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse tharo, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya phofo; le ole e ka etsang halofo ya lethara.


“Ona e tla ba molao wa molepera, mohla a hlwekiswang. O tla tliswa ho moprista.


“Motho ha a futsanehile, mme a sitwa ho ntsha ho lokelang, o tla nka konyana e le nngwe e tona, hore e be nyehelo e tlosang molato, e be e sebediswe e le nyehelo e akgotswang ka baka la tefelo ya sebe sa hae; a nke le phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e budilweng ka ole, e le nyehelo ya phofo; le ole e ka etsang halofo ya lethara.


moprista o tla etsa nyehelo e tlosang sebe ka le leng, mme ka le leng a etse nyehelo ya setjheso, a be a etse le nyehelo ya phofo. Moprista o tla etsetsa motho eo ya hlwekisitsweng tefelo ya sebe ho Morena.


Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ