Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 14:14 - BIBELE

14 Moprista o tla nka madi a mang a nyehelo e tlosang molato, mme ka wona a tlotse ntlha ya tsebe ya letsoho le letona ya motho eo ya tlilo hlwekiswa, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la letsoho le letona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Moprista o tla nka madi a mang a sehlabelo sa molato, o tla a bea lereteng la tsebe e tona ya motho ya itlhatswang, le monwaneng o motona wa letsoho le letona la hae, le monwaneng o motona wa leoto la hae le letona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 14:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla hlaba peleu eo; o nke madi a mang a yona, o tlotse ntlha ya tsebe ya Arone ya letsoho le letona; le dintlha tsa ditsebe tsa bara ba Arone tsa matsoho a matona; le hodima menwana e metona ya matsoho a bona a matona; le hodima menwana e metona ya maoto a bona a matona, mme ka madi a mang o foke aletare ho e potapota.


Le sa tla boela le otlwa hokae, ha le ntse le pheella ho mo fetohela? Hlooho yohle e se tletse maoma, mmele wohle le wona o a kula.


“Moprista o tla nyehela ka nyehelo e tlosang sebe, a etsetse motho eo ya hlwekiswang tefelo ya sebe, ka baka la ho se hlweke ha hae. Kamora mona o tla hlaba phoofolo ya nyehelo ya setjheso.


O tla hlaba konyana ya nyehelo e tlosang molato, a nke a mang a madi a yona, mme ka wona a tlotse ntlha ya tsebe ya letsoho le letona la motho ya hlwekiswang, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la hae le letona.


Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.


Le se ke la hlola le neela sebe ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho se loke; le mpe le ineele Modimo le le ba phelang, ba tsohileng bafung; le neele Modimo ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho loka.


Ke bua ka mokgwa wa batho ka baka la bofokodi ba lona ba botho. Jwalokaha le ne le neelane ka ditho tsa lona ho ba makgoba a manyala le a bokgopo, hore le be kgopokgopo, ka mokgwa o jwalo, kajeno neelanang ka ditho tsa lona ho ba makgoba a ho loka hore le tle le halalele.


Le rekilwe ka theko e phahameng. Ka baka leo, tlotlisang Modimo ka mmele ya lona.


Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.


“Elang lefu la lepera hloko; le hlokomele ho etsa tsohle ho ya kamoo baprista, e leng Balevi, ba tla le ruta kateng. Ho ya kamoo ke ba laetseng kateng, le hlokomele ho etsa jwalo.


Seo ke se lebeletseng, mme ke se tshepileng, ke sena: Ha ke na ho swabiswa ke letho, empa jwale le kamehla ke na le tshepo e tiileng ya hore Kreste o tla tlotliswa ka nna, leha nka shwa kapa ka phela.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ