Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 14:10 - BIBELE

10 “Ka letsatsi la borobedi o tla nka dikonyana tse pedi, tse tona, tse se nang sepha; le konyana ya sethojana e nang le selemo, e se nang sepha; le phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse tharo, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya phofo; le ole e ka etsang halofo ya lethara.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla tlisa dikonyana tse pedi tse tona, tse se nang sekodi, le nku e lemo se le seng, e se nang sekodi, le dikarolo tse tharo tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, ho di etsa nyehelo, le loge ya ole e be teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 14:10
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o nyehela ka konyana ya pele, o be o nyehele le ka phofo e thumisehileng e etsang boima ba kilo e le nngwe e dubilweng ka lethara e le nngwe ya ole ya mohlwaare; o nyehele le ka lethara e le nngwe ya veine.


“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le e tswang mohlapeng wa dinku kapa wa dipodi, hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha.


“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le kgomo e tswang mohlapeng wa hae hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e tlise monyakong wa Tente ya Morena, e le hore a tle a amohelehe ho Morena.


Moprista ya etsang tshebeletso ya tlhwekiso o tla emisa motho eo ya hlwekiswang, mmoho le dinyehelo tsena tsohle, monyakong wa Tente ya Morena, kapele ho Morena.


“Moprista o tla nka e nngwe ya dikonyana tse tona, a nyehele ka yona, e le nyehelo e tlosang molato, hammoho le ole e ka etsang halofo ya lethara; a di akgotse e le nyehelo e akgoletswang Morena.


Moprista o tla nka ole e ka etsang halofa ya lethara, a e qapiletse kahara seatla sa letsoho la hae le letshehadi;


“Motho ha a futsanehile, mme a sitwa ho ntsha ho lokelang, o tla nka konyana e le nngwe e tona, hore e be nyehelo e tlosang molato, e be e sebediswe e le nyehelo e akgotswang ka baka la tefelo ya sebe sa hae; a nke le phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e budilweng ka ole, e le nyehelo ya phofo; le ole e ka etsang halofo ya lethara.


“ ‘Ha motho a tlisetsa Morena nyehelo ya koro, a e sile pele, e be phofo e thumisehileng. A tshele ole ya mohlwaare le mokubetso hodima yona,


“ ‘Nyehelo efe le efe ya dijo, eo o e etsetsang Morena, e se ke ya lomoswa. O se ke wa tjhesa tomoso kapa mahe a dinotshi, e le setjheso se etsetswang Morena.


Nyehelo e nngwe le e nngwe ya hao, ya dijo, o e noke ka letswai. Letswai, e leng selekane se pakeng tsa hao le Modimo wa hao, le se ke la eba siyo nyehelong ya hao ya dijo; dinyehelo tsohle tsa hao di nokwe.


Nyehelo ya phofo yona e be boima ba dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e be nyehelo ya setjheso sa Morena se monko o monate. Hape ho be le nyehelo ya seno sa veine ya lethara e le nngwe.


“ ‘Ha motho eo a tlisa konyana e le nyehelo e tlosang sebe, e be e tshehadi, e se nang sepha.


Ka letsatsi la borobedi Moshe a bitsa Arone le bara ba hae, le baholo ba Iseraele,


Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba dikilo tse tharo tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo e tsamayang le pohwana e nngwe le e nngwe; le dikilo tse pedi, e le nyehelo e tsamayang le pheleu.


O tla tlisetsa Morena nyehelo ya hae, e leng nku e tona e nang le selemo, e se nang sepha, e le ya nyehelo ya setjheso; le nku e tshehadi e nang le selemo, e se nang sepha, e le ya nyehelo e tlosang sebe; le pheleu e le nngwe, e se nang sepha, e le ya nyehelo ya teboho.


Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo.


Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.”


mme a re ho yena: “Hlokomela, o se re letho ho motho; o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe hobane o hlwekile, e be bopaki ho bona.”


Jesu a mo laela ho se bolelle motho, a re: “O mpe o yo itlhahisa ho moprista, o nyehelle tlhwekiso ya hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona.”


Ka la hosasane Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: “Bonang Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!


hobane bohobe ba Modimo ke ya theohang lehodimong, ya fang lefatshe bophelo.”


Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.”


empa ke ka madi a bohlokwa, a kang a konyana e se nang sekodi, leha e le letheba, e leng a Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ