Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 13:55 - BIBELE

55 Ha se se se hlatswitswe, moprista o tla se hlahloba, mme ha a fumana hore ha ho na phetoho, le hoja lefu le sa anela seaparo, phahlo eo e sesila. E tjheswe ka mollo, e sesila kahohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

55 Etlare hobane se nang le letheba se hlatsuwe, moprista o tla se tadimisisa; ha a bona hoba letheba ha le a ka la fetoha mmala, le hobane ha le a ka la keka, se ntse se le ditshila, mme se tla tjheswa ka mollo: ke phureho ka lehlonong la sona, leha e le ka bophumulehong ba sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 13:55
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Ditshila tsa hao ke bokgopo, hobane ke lekile ho o hlwekisa, empa ditshila tseo tsa hao ha di a ka tsa tloha. O ke ke wa hlola o hlweka ho fihlela kgalefo ya ka e kokobela.


o tla laela hore ho hlatsuwe ntho eo e nang le lefu lena, mme a boele a tlose seaparo seo diaparong tse ding kgetlo la bobedi ka matsatsi a supileng.


“Ha seaparo se se se hlatswitswe, mme moprista a bona hore lefu lena le fodile, o tla tabola karolo ya seaparo e nang le lefu, e ka ba se entsweng ka letlalo, kapa ka lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya.


Ya se nang tsena ke sefofu se phopholetsang lefifing, ebile o lebetse le hore nakong e fetileng o ile a hlatsuwa dibe tsa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ