Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 13:48 - BIBELE

48 kapa se entsweng ka lene, kapa boya, kapa eng le eng e entsweng ka letlalo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

48 kapa seaparong sa lene, kapa ho sa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, e le tsa lene, kapa tsa boya, kapa letlalong, leha e le mosebetsing o entsweng ka letlalo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 13:48
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Haeba seaparo se ena le lefu la lepera, e ka ba seaparo sa boya, kapa sa lesela la lene,


mme seaparong sena se entsweng ka letlalo, kapa se entsweng ka lesela la lene, kapa ka boya, kapa seaparong sefe le sefe se entsweng ka letlalo, ho ena le botalanyana kapa bofubedunyana ba lefu lena, hoo ke lefu la lepera, mme le tla bontshwa moprista.


Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a hlahloba seaparo seo. Haeba lefu lena le anetse seaparo, kapa lesela la lene, kapa le lohilweng ka boya, kapa letlalo le sebediswang mosebetsing ofe kapa ofe, hoo ke lepera le tshwaetsang, mme seaparo seo se sesila.


Moprista o tla tjhesa seaparo sena sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ka letlalo, e nang le lefu lena. Ke lepera le tshwaetsang. Seaparo seo se tla tjheswa ka mollo.


“Ha moprista a hlahloba seaparo sena se entsweng ka lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ke letlalo, mme a bona hore lefu lena ha le a se anela,


“Itlhokomeleng, esere la lebala Morena Modimo wa lona, ka ho se boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno;


le ba pholose ka ho ba tshola mollong. Ba bang bona le ba hauhele, empa le ntse le ena le tshabo; le hloye esita le seaparo se silafaditsweng ke bona.


“Leha ho le jwalo, o sa na le ba seng bakae Saredeise ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona. Ba tla mphelehetsa ba apere diaparo tse tshweu, hobane ba lokelwa ke hona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ