Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 13:43 - BIBELE

43 Moprista o tla mo hlahloba, mme haeba hodima lefatla le hloohong kapa phatleng, ho ena le ditlapedi tse bofubedu bo bosweu, tse tshwanang le tsa lepera le bang teng mmeleng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Moprista o tla mo tadimisisa, mme ha a fihlela hoba letheba ke lekgopho le bosweu bo bofubetswana lephotong le boreledi la hae, kapa phatleng ya hae e kulehileng, le tshwanang le lepera le letlalong la mmele,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 13:43
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kahoo Morena o tla kgophosa hlooho tsa bona, hlooho tsa bona a di phumole mafatla.”


Baprista ba bona ba tlotse melao ya ka, ba silafatsa dintho tsa ka tse halalelang. Le hoja ba tseba, ha ba kgetholle ntho e halalelang ho e sa halaleleng; ha ba rute batho ho kgetholla se hlwekileng ho se sa hlwekang. Ha ba tsotelle ho boloka Disabatha tsa ka, kahoo ba a ntlontlolla.


Ke ho re le tle le tsebe ho kgetholla tse halalelang ho tse sa halaleleng, le tse hlwekileng ho tse sa hlwekang;


le siyang kgoho e tshweu e kokomohileng, kapa lebadi le benyang le bofubedu bo bosweu, motho eo o tla itlhahisa ho moprista.


Ha motho enwa a eba le ditlapedi hodima lefatla le hara hlooho, kapa phatleng, hoo ke lepera le tswang hloohong, kapa phatleng.


motho eo o na le lepera; o sesila. Moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o na le sesila, o na le lepera le tswileng hloohong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ