Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 11:45 - BIBELE

45 Ke nna Morena ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona; ka baka leo, le tla halalela, hobane ke a halalela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Hobane ke nna Jehova ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Halalelang ke hona, hobane ke a halalela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 11:45
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla tiisa selekane sa ka le wena, le ditloholo tsa hao, ka ho hlahlamana ha meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng; ke be Modimo wa hao le wa ditloholo tsa hao.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho setjhaba, o re se itlhwekise kajeno le hosasane; se hlatswe le diaparo tsa sona.


Le tla ba baprista ba Morena, le be setjhaba se halalelang.’ Ana ke wona mantswe ao o tshwanetseng ho a bua ho bana ba Iseraele.”


“Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


O tla etsa jwalo le ka dikgomo tsa hao, le ka dinku tsa hao; matsibolo a tla nyanya ka matsatsi a supileng, mme ka letsatsi la borobedi o tla nkgethela wona.


Ke tle le etsa setjhaba sa ka, mme ka tla ba Modimo wa lona; le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona, yena ya le imolotseng mejaro ya Baegepeta.


“Ke ratile Iseraele e sa le lesea, ka bitsa mora wa ka hore a tswe Egepeta.


Ke nna Morena, Modimo wa lona; ka baka leo, le ikgalaletse, mme le tla halalela. Kahoo le se ke la itshilafatsa ka eng le eng e hahabang hodima lefatshe.


“ ‘Ona ke molao wa diphoofolo, le wa dinonyana, le wa dibopuwa tsohle tse phelang, tse tsamayang kahara metsi, le wa dibopuwa tsohle tse hahabang hodima lefatshe.


“Bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, o re ho sona: ‘Le halalele, hobane nna, Morena Modimo wa lona, ke a halalela.


O be le sekala se nepahetseng sa ho metha boima, le bolelele, le ntho e mokedikedi. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta.


“ ‘Le ikgalaletse, mme le tla halalela, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.


ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Ke nna Morena.”


Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke tle ke le nee naha ya Kanana, mme ke be Modimo wa lona.’ ”


Empa ka baka la bona, ke tla hopola selekane sa baholoholo ba bona, bao ke ileng ka ba ntsha naheng ya Egepeta, moo ditjhaba di ntseng di bona, hore ke tle ke be Modimo wa bona. Ke nna Morena.’ ”


Ka mokgwa o jwalo, hopolang melao ya ka yohle, le e phethe, mme le tla halalela ho Modimo wa lona.


Modimo ha a a ka a re bitsetsa mekgweng e ditshila, empa o re bitseditse kgalalelong.


Joshua a re ho setjhaba: “Le ke ke la sebeletsa Morena, hobane ke Modimo ya halalelang, ke Modimo ya boulelang. A ke ke a le tshwarela ditshito tsa lona, kapa dibe tsa lona.


hobane ho ngotswe, ho thwe: “Le halalele, hobane le nna ke a halalela.”


“Ha ho ya halalelang jwaloka Morena, hobane ha ho e mong kantle ho wena, ha ho mosireletsi ya kang Modimo wa rona.


Jwale banna ba Bete-Shemeshe ba re: “Ke mang ya ka emang kapele ho Morena, Modimo eo ya halalelang? Areka ee re tla e isa ho mang, hore e tlohe pela rona?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ