Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 11:42 - BIBELE

42 Tsohle tse holobang ka mpa, le tsohle tse tsamayang ka maoto a mane, le tsohle tse nang le maoto a mangata hara tse hahabang hodima lefatshe, tse jwalo le se ke la di ja, hobane ke manyala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Haele tse hahabang fatshe, tse kunyapang, le tse kgasang ka maoto a mane, leha a ka ba mangata, e ke ke ya eba dijo ho lona; di ditshila.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 11:42
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Modimo a re: “Metsi a hlahise dibopuwa tse ngata, tse phelang, tse tsamayang ka dikgakgatha; le dinonyana di fofe kahodima lefatshe, loaping la lehodimo.”


Phiri le konyana di tla fula di le mmoho, tau e je jwang jwalokaha pohwana e bo ja, sehahabi sona se phele ka ho ja lehlabathe. Ha di ka ke tsa ntsha kotsi leha e le ho bolaya, hohlehohle thabeng ya ka, thabeng e halalelang,” ho rialo Morena.


“ ‘Tsohle tse hahabang hodima lefatshe ke manyala, mme di ke ke tsa jewa.


Le se ke la silafatsa meya ya lona ka tsohle tse hahabang, mme le se ke la itshilafatsa ka tsona.


Di tla nyeka lerole jwaloka dinoha, di le nyeke sa dihahabi di holoba fatshe. Di tla tswa diahelong tsa tsona di thothomela, di retelehele ho Morena, Morena Modimo wa rona, di retelehele ho yena di tshohile, di tshohile haholo hobane di o tshaba.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le ntsha karolo ya leshome ya kwena, tenane le sepaile, feela le tlohetse dintho tsa bohlokwa tsa Molao: Toka, mohau le botshepehi. Le ne le tshwanela ho etsa tsena, feela le sa lebale tseo.


Empa ha a bona Bafarisi le Basaduke ba bangata ba etla ho kolobetswa, a re ho bona: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang?


Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.


Bao ke baapostola ba bohata, basebetsi ba mano, ba iketsang e ka ke baapostola ba Kreste.


Empa ke a tshaba, esere mohlomong maikutlo a lona a senyeha, la kgeloswa botshepehing ba lona ba nnete ho Kreste, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona.


E mong wa bona, eo e leng moporofeta wa bona, o ile a re: “Bakerete ke mahata kamehla, ke dibatana tse kgopo, ke menyollo e botswa.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ