Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 11:39 - BIBELE

39 “ ‘Haeba e nngwe ya diphoofolo tseo le jang nama ya tsona e itjhwella feela, mang kapa mang ya amang sefifi sa yona o tla silafala ho fihlela ka phirimana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Ha ho ka shwa phoofolo e nngwe ya tseo le ka di jang, motho ya tlang ho ama setopo sa yona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 11:39
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ha ke eso ka ke itshilafatsa! Ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno ha ke eso ka ke eja eng kapa eng e fumanwang e itjhweletse, kapa e harotswe ke dibatana. Ha ke eso ka ke eja nama e sesila.”


“ ‘Tsena di tla le silafatsa, mme mang kapa mang ya amang dififi tsa tsona o tla silafala ho fihlela ka phirimana.


Ya nkang dififi tsa tsona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.


Hara diphoofolo tsohle tse tsamayang, tsena ho lona ha di a hlweka. Mang kapa mang ya di amang ha di shwele o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.


empa haeba peo eo e kolobile, mme ho hong ha sefifi ho wela hodima yona, peo eo ho lona hae e a hlweka.


Mang kapa mang ya jang nama ya phoofolo e shweleng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimama. Ya tlosang sefifi sa yona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.


“Mang kapa mang ya kenang ka tlung eo ha e sa ntsane e kwetswe, o tla silafala ho fihlela ka phirimana.


Moprista o tla nyehela ka wona, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe, le leng e be la nyehelo ya setjheso. Ka mokgwa o jwalo, moprista o tla etsetsa monna eo nyehelo ya telefelo ya sebe ka baka la ho qhitsa lero hoo ha hae.


Mang kapa mang ya mang diphate tsa monna eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


“ ‘Mang kapa mang ya amang mmele wa monna eo botona ba hae bo qhitsang, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


“Motho ya ileng a isa podi ho Asasele o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme kamorao ho moo a kene ka diahelong.


“ ‘Mang kapa mang ya jang nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, e ka ba letswallwa kapa moditjhaba, a hlatswe diaparo tsa hae, a be a tole ka metsi. O tla sala a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana, jwale e tla ba o hlwekile.


“ ‘Monna ofe kapa ofe eo e leng setloholo sa Arone, ya tswileng lepera, kapa ya nang le seso se qhitsang, a se ke a ja dintho tse halalelang a eso ka a hlweka. Monna ofe kapa ofe ya amang motho ya silafaditsweng ke ho ama setopo, kapa ya hoshotsang metsi a bonna;


motho ya amang ya jwalo o tla ba le sesila ho fihlela ka phirimana. Motho eo a ke ke a ja dintho tse halalelang, haese ha a se a totse ka metsi.


A se ke a ja nama ya phoofolo e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, hobane e tla mo silafatsa. Ke nna Morena.


“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ofe kapa ofe, o tla dula a le sesila ka matsatsi a supileng.


“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ya bolailweng ka sabole kwana naheng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lesapo la motho ya shweleng, kapa lebitla, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.


Jwale moprista a hlatswe diaparo tsa hae, mme a tole ka metsi; kamora moo a kgutlele diahelong. Moprista o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ